2 Dikronike
8 Eitse bofelong ba lilemo tse mashome a mabeli,+ tseo ka tsona Solomone a neng a hahile ntlo ea Jehova+ le ntlo ea hae,+ 2 metse eo Hirame+ a neng a e file Solomone—Solomone a e tsosolosa ’me a etsa hore bara ba Iseraele ba lule ho eona. 3 Ho feta moo, Solomone a ea Hamathe-zoba ’me a e hlōla. 4 Joale a tsosolosa Tadmore lefeelleng le metse eohle ea polokelo+ eo a neng a e hahile Hamathe.+ 5 A tsoela pele ho haha Bethe-horone+ e ka Holimo le Bethe-horone+ e ka Tlaase, metse e etselitsoeng liqhobosheane e nang le marako,+ mamati le mokoallo,+ 6 le Baalathe+ le metse eohle ea polokelo e neng e fetohile ea Solomone le metse+ eohle ea likoloi le metse ea banna ba lipere+ le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lakatsehang eo Solomone+ a neng a lakalitse ho e haha Jerusalema le Lebanone+ le naheng eohle e pusong ea hae.
7 Ha e le batho bohle ba neng ba setse ba Bahethe+ le Baamore+ le Bapereze+ le Baheve+ le Bajebuse,+ bao e neng e se karolo ea Iseraele,+ 8 ho bara ba bona ba neng ba siiloe naheng, bao bara ba Iseraele ba neng ba sa ba felisa,+ Solomone a ’na a ngolisa+ banna bakeng sa mosebetsi o qobelloang ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Empa ho ne ho se le ea mong ho bara ba Iseraele bao Solomone a ileng a ba etsa makhoba a mosebetsi oa hae;+ etsoe e ne e le bahlabani+ le baokameli ba bathusi ba hae le baokameli ba bakhanni ba hae ba likoloi+ le ba banna ba hae ba lipere.+ 10 Bana e ne e le baokameli ba matona+ a Morena Solomone, ba le makholo a mabeli le mashome a mahlano, balaoli ba okametseng batho.+
11 Solomone a ntša morali+ oa Faro Motseng oa Davida+ ho ea ntlong eo a neng a mo hahetse eona,+ etsoe o ile a re: “Le hoja e le mosali oa ka, ha aa lokela ho lula ka tlung ea Davida morena oa Iseraele, etsoe libaka tseo areka ea Jehova e tlileng ho tsona ke ntho e halalelang.”+
12 Ke nakong eo Solomone a ileng a nyehela mahlabelo a secheso+ ho Jehova holim ’a aletare ea Jehova eo a neng a e hahile ka pel’a mathule,+ 13 joalokaha e le taba e tloaelehileng letsatsi le leng le le leng+ ho etsa linyehelo ho ea ka taelo ea Moshe bakeng sa lisabatha+ le bakeng sa likhoeli tse thoasitseng+ le bakeng sa mekete+ e behiloeng ka makhetlo a mararo ka selemo,+ moketeng oa mahobe a sa lomosoang+ le moketeng oa libeke+ le moketeng oa maphephe.+ 14 Ho ekelletsa moo, a beha lihlopha+ tsa baprista tšebeletsong ea tsona ho ea ka molao oa ntat’ae Davida, le Balevi likabelong tsa bona tsa mosebetsi, hore ba rorise le ho sebeletsa ka pel’a baprista e le taba e tloaelehileng ea letsatsi le leng le le leng, le balebeli ba liheke lihlopheng tsa bona bakeng sa liheke tse fapaneng, etsoe eo e ne e le taelo ea Davida monna oa Molimo oa ’nete. 15 Ha baa ka ba kheloha taelo ea morena ho baprista le Balevi malebana le taba leha e le efe le malebana le lintho tse hlokahalang. 16 Kahoo mosebetsi oa Solomone kaofela o ne o le boemong bo lokisitsoeng+ ho tloha letsatsing la ho rala motheo oa ntlo ea Jehova ho fihlela e phethoa.+ Kahoo ntlo ea Jehova e ile ea phethoa.+
17 Joale Solomone a ea Ezione-gebere+ le Elothe+ lebōpong la leoatle naheng ea Edomo.+ 18 Kamehla Hirame+ o ne a mo romella likepe le bahlanka ba nang le tsebo ea leoatle+ a sebelisa bahlanka ba hae, ’me ba ne ba tla le bahlanka ba Solomone Ofire+ ’me ba nka litalenta+ tsa khauta+ tse makholo a mane le mashome a mahlano moo le ho e tlisa ho Morena Solomone.+