Ezekiele
18 Jehova a re ho nna: 2 “A bolelang maele ao le a buileng naheng ya Iseraele a reng, ‘Bontate ba jele morara o bodila empa bara ke bona ba utlwang bodila boo’?+
3 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o a ikana o re, ‘Ha le sa tla hlola le bua maele ana naheng ya Iseraele. 4 Ke nna ya fanang ka bophelo.* Bophelo* ba ntate le ba mora bo tswa ho nna. Motho* ya etsang sebe ke yena ya tla shwa.
5 Haeba motho a lokile, a etsa dintho tse nepahetseng a bile a ena le toka, 6 a sa je mahlabelo a etsetswang ditshwantsho tse rapelwang dithabeng,+ a sa rapele ditshwantsho tse nyonyehang* tsa Baiseraele, a sa etse thobalano le mosadi wa moahisani wa hae+ kapa le mosadi ya matsatsing,+ 7 a sa tshware batho hampe+ empa a kgutlisa dintho tseo a neng a di nkile ho motho ya mo kolotang,+ a sa qhekelle batho+ empa a fa batho ba lapileng dijo+ le ho fa ba hlobotseng diaparo,+ 8 a sa patadise tswala kapa ho etsa phaello+ empa a qoba ho tshwara batho ka ho hloka toka,+ a ahlola batho ka toka+ 9 a bile a mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka e le hore a ntshepahalle, motho eo o lokile mme o tla dula a phela,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.
10 Empa haeba a ba le mora wa leshodu,+ ya bolayang+ kapa ya etsang e nngwe ya dintho tse latelang: 11 (Le hoja ntate wa hae a sa etsa le ha e le nngwe ya dintho tsena) A ja mahlabelo a etsetswang ditshwantsho tse rapelwang dithabeng, a etsa thobalano le mosadi wa moahisani wa hae, 12 a tshwara batho ba hlokang le bafutsana hampe,+ a qhekella batho, a sa kgutlise dintho tseo a di nkileng ho motho ya mo kolotang, a rapela ditshwantsho tse nyonyehang,+ a etsa dintho tse mpe+ 13 a bile a patadisa tswala, a etsa le phaello,+ mora eo o tla bolawa ka lebaka la dintho tsena tsohle tse mpe tseo a di entseng, ke molato wa hae hore ebe o shwele.
14 Empa haeba ntate a ena le mora mme mora wa hae a bona dibe tsohle tseo ntate wa hae a di etsang empa a sa mo etsise, 15 a sa je mahlabelo a etseditsweng ditshwantsho tse rapelwang dithabeng, a sa rapele ditshwantsho tse nyonyehang tsa Baiseraele, a sa etse thobalano le mosadi wa moahisani wa hae, 16 a sa tshware batho hampe empa a kgutlisa dintho tseo a neng a di nkile ho motho ya mo kolotang, a sa qhekelle batho empa a fa batho ba lapileng dijo le ho fa ba hlobotseng diaparo, 17 a qoba ho tshwara bafutsana hampe, a sa patadise tswala kapa ho etsa phaello a bile a mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka, mora eo o tla phela, a ke ke a shwa ka lebaka la dibe tsa ntate wa hae. 18 Empa ntate wa hae o tla shwa hobane o ne a etsa bolotsana, a utswetsa batho a bile a etsa dintho tse mpe.
19 Empa le tla re: “Ke hobaneng ha mora a sa be molato ka lebaka la dibe tsa ntate wa hae?” A ke ke a shwa hobane o entse dintho tse lokileng, o mametse melao yohle ya ka a ba a tshwara batho ka toka.+ 20 Motho* ya etsang sebe ke yena ya tla shwa.+ Mora a ke ke a ba molato ka lebaka la dibe tsa ntate wa hae le ntate a ke ke a ba molato ka lebaka la dibe tsa mora wa hae. Motho ya etsang dintho tse lokileng o tla putswa ka lebaka la tsona empa ya etsang dintho tse kgopo, o tla fuwa kotlo.+
21 Haeba motho ya kgopo a fetoha mme a tlohela ho etsa dintho tse mpe, a ena le toka, a mamela melao ya ka a bile a etsa dintho tse lokileng, a ke ke a shwa empa o tla phela.+ 22 Nke ke ka mo ahlolela* dibe tseo a di entseng pele.+ O tla phela ka ha o se a etsa dintho tse lokileng.’+
23 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho ya kgopo a shwa.+ Nka thabela hore a fetole ditsela tsa hae tse mpe mme a tswele pele a phela.+
24 Empa haeba motho ya lokileng a tlohela ho etsa dintho tse ntle ebe o etsa dintho tse mpe le dintho tsohle tse nyonyehang tse etswang ke batho ba kgopo, o tla shwa. Nke ke ka hopola dintho tse ntle tseo a ileng a di etsa.+ O tla shwa ka lebaka la sebe seo a se entseng le ho se tshepahale.+
25 Empa le tla re: “Jehova ha a etse dintho ka toka.”+ Mamelang lona Baiseraele, na ke nna ya sa etseng dintho ka toka?+ Na ha se lona ba sa etseng dintho ka toka?+
26 Ha motho ya lokileng a tlohela ho etsa dintho tse ntle ebe o etsa dintho tse mpe, o tla shwa ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di etsang.
27 Ha motho ya kgopo a fetoha mme a tlohela ho etsa dintho tse mpe, a ena le toka a bile a etsa dintho tse lokileng, a ke ke a shwa.+ 28 Ha a hlokomela hore dintho tseo a di etsang di mpe a bile a tlohela ho di etsa, a ke ke a shwa empa o tla phela.
29 Empa Baiseraele ba tla re: “Jehova ha a etse dintho ka toka.” Lona Baiseraele,+ na ke nna ya sa etseng dintho ka toka? Na ha se lona ba sa etseng dintho ka toka?’
30 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka diketso tsa hae.+ Tlohelang ho etsa dintho tsohle tse mpe e le hore le se ke la ntshitelwa e be le fumana kotlo. 31 Baiseraele, tlohelang dintho tsohle tse mpe tseo le di etsang.+ Fetolang maikutlo* a lona le tsela eo le nahanang ka yona+ e le hore le se ke la shwa.’+
32 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho le ha e le ofe a shwa.+ Ka lebaka leo, fetolang dintho tseo le di etsang e le hore le phele.’”+