Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Sontaha, la 16 November

Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla ’me ea laolang bohale ba hae o molemo ho feta motho ea hapang motse.—Liprov. 16:32.

U ikutloa joang ha motho eo u sebetsang le eena kapa eo u kenang sekolo le eena a u botsa ka lintho tseo u li lumelang? Na oa tšoha? Bongata ba rona rea tšoha. Empa lipotso tse joalo li re thusa ho utloisisa hore na batho ba bang ba nahana’ng le hore na ba lumela’ng. Hape li re fa monyetla oa hore re ba bolelle litaba tse monate tse tsoang ka Bibeleng. Ka linako tse ling, motho a ka re botsa potso hobane a batla ho ngangisana le rona. Ha rea lokela ho makala ha seo se etsahala hobane batho ba bang ba boleletsoe lintho tseo e seng ’nete ka lintho tseo re li lumelang. (Lik. 28:22) Taba e ’ngoe hape ke hore re phela “mehleng ea bofelo” eo batho “ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe” ebile ba le “bohale bo tšosang.” (2 Tim. 3:​1, 3) U ka ’na oa ipotsa: ‘Nka ba mosa le ho bontša temoho joang ha ke bua le motho ea ngangisanang le ’na ka lintho tseo ke li lumelang?’ U ka thusoa ke hore u be bonolo. Motho ea bonolo ha a halefe kapele ebile o khona ho laola maikutlo a hae haeba batho ba bang ba mo halefisa. w23.09 14 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 17 November

U tla ba beha hore e be likhosana lefatšeng lohle.—Pes. 45:16.

Ka linako tse ling, re fuoa keletso e re sireletsang linthong tse kang ho rata chelete le ho etsa lintho tse ka etsang hore re tlole melao ea Molimo. Re fumana melemo haeba re mamela tataiso eo Jehova a re fang eona linthong tsena. (Esa. 48:​17, 18; 1 Tim. 6:​9, 10) Ha ho pelaelo hore Jehova o tla tsoela pele a ntse a sebelisa batho ho re fa tataiso nakong ea mahlomola a maholo ho fihlela nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Na re tla lula re latela tataiso eo re e fuoang? Re tla nolofalloa ke ho etsa joalo haeba re latela tataiso ea Jehova hona joale. Kahoo, a re luleng re latela tataiso ea Jehova ho akareletsa le eo re e fuoang ke bara ba bo rona ba behiloeng hore ba re hlokomele. (Esa. 32:​1, 2; Baheb. 13:17) Ha re etsa joalo, re ba le mabaka a mangata a ho tšepa Jehova ea re tataisang hobane o re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse tla senya kamano ea rona le eena le ho re sitisa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. w24.02 25 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 18 November

O le pholositse hobane a le mosa.—Baef. 2:5.

Moapostola Pauluse o ne a thabela ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a kopana le mathata a mangata. Ka linako tse ling Pauluse o ne a nka maeto a malelele ’me ho ne ho se bonolo ho nka maeto ka nako eo. Ha a ntse a tsamaea, o ile a “tobana le likotsi linokeng” le “likotsi tsa masholu.” Ka linako tse ling lira tsa hae li ne li mo otla. (2 Bakor. 11:​23-27) Hape ka linako tse ling Bakreste-’moho le Pauluse ba ne ba sa ananele lintho tseo a neng a ba etsetsa tsona. (2 Bakor. 10:10; Bafil. 4:15) Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova? O ile a ithuta ka Jehova haholoanyane ha a bala Mangolo le ho bona kamoo Jehova a mo thusitseng kateng tšebeletsong ea hae. Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova Molimo oa mo rata. (Bar. 8:​38, 39; Baef. 2:​4, 5) Sena se ile sa etsa hore a rate Jehova le ho feta. Pauluse o ile a bontša hore o rata Jehova ka ho sebeletsa balumeli-’moho le eena.—Baheb. 6:10. w23.07 9 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela