Mantaha, la 17 November
U tla ba beha hore e be likhosana lefatšeng lohle.—Pes. 45:16.
Ka linako tse ling, re fuoa keletso e re sireletsang linthong tse kang ho rata chelete le ho etsa lintho tse ka etsang hore re tlole melao ea Molimo. Re fumana melemo haeba re mamela tataiso eo Jehova a re fang eona linthong tsena. (Esa. 48:17, 18; 1 Tim. 6:9, 10) Ha ho pelaelo hore Jehova o tla tsoela pele a ntse a sebelisa batho ho re fa tataiso nakong ea mahlomola a maholo ho fihlela nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Na re tla lula re latela tataiso eo re e fuoang? Re tla nolofalloa ke ho etsa joalo haeba re latela tataiso ea Jehova hona joale. Kahoo, a re luleng re latela tataiso ea Jehova ho akareletsa le eo re e fuoang ke bara ba bo rona ba behiloeng hore ba re hlokomele. (Esa. 32:1, 2; Baheb. 13:17) Ha re etsa joalo, re ba le mabaka a mangata a ho tšepa Jehova ea re tataisang hobane o re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse tla senya kamano ea rona le eena le ho re sitisa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. w24.02 25 ¶17-18
Labobeli, la 18 November
O le pholositse hobane a le mosa.—Baef. 2:5.
Moapostola Pauluse o ne a thabela ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a kopana le mathata a mangata. Ka linako tse ling Pauluse o ne a nka maeto a malelele ’me ho ne ho se bonolo ho nka maeto ka nako eo. Ha a ntse a tsamaea, o ile a “tobana le likotsi linokeng” le “likotsi tsa masholu.” Ka linako tse ling lira tsa hae li ne li mo otla. (2 Bakor. 11:23-27) Hape ka linako tse ling Bakreste-’moho le Pauluse ba ne ba sa ananele lintho tseo a neng a ba etsetsa tsona. (2 Bakor. 10:10; Bafil. 4:15) Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova? O ile a ithuta ka Jehova haholoanyane ha a bala Mangolo le ho bona kamoo Jehova a mo thusitseng kateng tšebeletsong ea hae. Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova Molimo oa mo rata. (Bar. 8:38, 39; Baef. 2:4, 5) Sena se ile sa etsa hore a rate Jehova le ho feta. Pauluse o ile a bontša hore o rata Jehova ka ho sebeletsa balumeli-’moho le eena.—Baheb. 6:10. w23.07 9 ¶5-6
Laboraro, la 19 November
Motho e mong le e mong a hlomphe balaoli ba phahameng.—Bar. 13:1.
Batho ba bangata ba lumellana le taba ea hore re hloka mebuso le hore re lokela ho mamela e meng ea melao ea “balaoli ba phahameng.” Leha ho le joalo, bona batho bao ba ka ’na ba e-ba leqe ho mamela molao oo ba sa o rateng kapa oo ba utloang eka ha o na toka. Bibele ea bontša hore mebuso ea lefatše e sotla batho, e laoloa ke Satane le hore haufinyane e tla felisoa. (Pes. 110:5, 6; Moek. 8:9; Luka 4:5, 6) E boetse e re “ea hanyetsang bolaoli o hanyetsa seo Molimo a se thehileng.” Hona joale Jehova o ntse a lumeletse balaoli ba phahameng hore ba buse e le hore lintho li ’ne li be taolong ’me o lebeletse hore re ba mamele. Ka hona, re lokela ho ‘fa bohle tse ba lokelang.’ Lintho tseo li akareletsa lekhetho, tlhompho le ho mamela. (Bar. 13:1-7) Re ka ’na ra utloa ho le thata ho mamela molao o itseng, ra bona o se na toka kapa o re hloka chelete e ngata hore re o mamele. Empa re mamela Jehova ’me ke eena ea reng re mamele balaoli bana ba phahameng hafeela ba sa re re tlole melao ea hae.—Lik. 5:29. w23.10 8 ¶9-10