Labone, la 20 November
Moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.—Baahl. 15:14.
Samsone o hlahile nakong eo Bafilista ba neng ba busa Baiseraele ba bile ba ba hatella. (Baahl. 13:1) Baiseraele ba ne ba sotlehile haholo ka lebaka la khatello eo. Jehova o ile a khetha Samsone hore e be eena “ea etellang pele ho pholosa Baiseraele ho Bafilista.” (Baahl. 13:5) E le hore Samsone a khone ho phetha mosebetsi oo, o ne a tla lokela ho tšepa Jehova. Ka le leng lebotho la Bafilista le ile la tla motseng oa Lehi ho tla tšoara Samsone. E ka ’na eaba Lehi e ne e le motse oa Juda. Banna ba Juda ba ne ba tšohile eaba ba etsa qeto ea ho fana ka Samsone ho ba lireng. Batho ba habo Samsone ba ile ba mo tlama ka liropo tse peli tse ncha eaba ba mo isa ho Bafilista. (Baahl. 15:9-13) Leha ho le joalo, ‘moea o halalelang oa Jehova oa mo fa matla’ eaba o khaola liropo tseo. Ka mor’a moo, “a fumana lesapo la mohlahare oa tonki e tona e sa tsoa shoa,” a le nka eaba o bolaea banna ba Bafilista ba 1 000 ka lona.—Baahl. 15:14-16. w23.09 2 ¶3-4
Labohlano, la 21 November
Taba ena e lumellana le morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa, o amanang le Kreste Jesu Morena oa rona.—Baef. 3:11.
Jehova o senotse “morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng” ka Bibeleng hanyane ka hanyane. Kamehla merero ea Molimo ea phethahala hobane “o etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethe morero oa hae.” (Liprov. 16:4) Lintho tseo Jehova a li etsang li tla lula li le teng ka ho sa feleng. Morero oa Jehova ke ofe ’me o ile a etsa liphetoho life hore a o phethahatse? Molimo o ile a bolella Adama le Eva morero oa hae. O ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, le laole . . . liphoofolo” tse lefatšeng. (Gen. 1:28) Ha Adama le Eva ba fetohela Molimo ’me ba etsa hore batho e be baetsalibe, morero oa Jehova ha oa ka oa sitiseha. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero oa hae ka eona. Hang-hang o ile a rera hore ho be le ’Muso o leholimong o tla phethahatsa morero oa hae bakeng sa batho le lefatše.—Mat. 25:34. w23.10 20 ¶6-7
Moqebelo, la 22 November
Haeba Jehova a ne a sa nthusa, nkabe ke shoele.—Pes. 94:17.
Jehova a ka re thusa hore re tsoele pele re mo sebeletsa. Ho ka ba thata hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova, haholo haeba re lula re etsa phoso e tšoanang. Ka linako tse ling bothata boo re nang le bona bo ka bonahala bo le boima ho feta boo moapostola Petrose a neng a e-na le bona. Empa Jehova a ka re thusa hore re se ke ra lula re nyahame. (Pes. 94:18, 19) Ka mohlala, mor’abo rona e mong o ne a ratana le banna ba bang ka lilemo tse ngata pele e e-ba Paki ea Jehova. Ka mor’a hore a hlokomele hore tsela eo a phelang ka eona e fosahetse, o ile a etsa qeto ea ho fetoha. Leha ho le joalo, o ntse a loantšana le litakatso tseo tse fosahetseng. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a se ke a nyahama? O re: “Jehova ke eena ea re thusang. O sebelisa moea oa hae o halalelang ho nthusa hore ke phele ka tsela eo a e batlang. Jehova o ntse a mpha monyetla oa hore ke sebelisoe ka phuthehong ebile o mpha matla a hore ke tsoele pele ke mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata bona boo ke ntseng ke loantšana le bona.” w23.09 23 ¶12