1 Marena
14 Ka nako eo Abija mora oa Jeroboame a kula.+ 2 Kahoo Jeroboame a re ho mosali oa hae: “Ka kōpo, ema ’me u ikhakanye+ e le hore ba se ke ba tseba hore u mosali oa Jeroboame, ’me u ee Shilo. Bona! Ke hona moo moprofeta Akija+ a leng teng. Ke eena ea ileng a bua mabapi le ’na hore ke tla ba morena oa batho bana.+ 3 U nke mahobe+ a leshome le mahobe a fafalitsoeng le botlolo+ ea mahe a linotši letsohong la hao, ’me u kene ho eena.+ Ke eena eo ka sebele a tla u bolella se tla etsahalla moshanyana enoa.”+
4 Mosali oa Jeroboame a etsa joalo. Ka lebaka leo a ema ’me a ea Shilo+ eaba o fihla ntlong ea Akija. Joale Akija o ne a sa khone ho bona, etsoe mahlo a hae a ne a sa panye ka lebaka la lilemo tsa hae.+
5 Jehova o ne a itse ho Akija: “Mosali oa Jeroboame ke enoa a tla ho tla kōpa lentsoe ho uena mabapi le mora oa hae; kaha oa kula. U lokela ho bua le eena ka tsela ena le eane. Hang ha a fihla, o tla be a ikhakantse.”+
6 Eitse hang ha Akija a utloa liqi tsa maoto a hae ha a kena monyako, a qala ho re: “Kena, uena mosali oa Jeroboame.+ Ke hobane’ng ha u ikhakanya ha ke romeloa ho uena ka molaetsa o boima? 7 E-ea, u re ho Jeroboame, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ka lebaka la hore ke ile ka u phahamisa har’a batho ba heno, e le hore nka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele,+ 8 ’me ka hahola+ ’muso ntlong ea Davida le ho u fa oona, ’me ha ua ba joaloka mohlanka oa ka Davida, ea ileng a boloka litaelo tsa ka le ea ntatetseng ka pelo eohle ea hae ka ho etsa feela se neng se nepahetse mahlong a ka,+ 9 empa u qalile ho etsa hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho uena, ’me u tsamaile le ho iketsetsa molimo+ e mong le litšoantšo tse entsoeng ka ho qhibilihisoa+ e le ho ntšiteloa,+ ’me u mphuraletse;+ 10 ka lebaka leo bona! ke tlisetsa ntlo ea Jeroboame tlokotsi, ’me ka sebele ke tla felisa ho Jeroboame mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong,+ ea se nang thuso le ea se nang bohlokoa Iseraele;+ ke tla fiela ntlo ea Jeroboame ka ho feletseng,+ feela joalokaha motho a tlosa bolokoe ho fihlela bo lahliloe.+ 11 Oa Jeroboame ea shoelang motseng, lintja li tla mo ja;+ ea shoelang naheng, linonyana tsa maholimo li tla mo ja,+ hobane Jehova o ho buile.”’
12 “Ema, u ee ntlong ea hao. Ha maoto a hao a kena motseng ka sebele ngoana o tla shoa. 13 Baiseraele bohle ba tla mo llela+ le ho mo pata, hobane enoa a le mong oa Jeroboame o tla kena sebakeng sa lepato; ka lebaka la hore ho hong ho molemo ho Jehova Molimo oa Iseraele ho fumanoe ho eena ka tlung ea Jeroboame.+ 14 Ka sebele Jehova o tla itlhahisetsa morena+ oa Iseraele ea tla felisa ntlo ea Jeroboame ka letsatsi le boletsoeng, ’me ho thoe’ng haeba ke hona joale?+ 15 Jehova o tla roba Baiseraele, feela joalokaha lehlaka le eketheha ka metsing;+ ka sebele o tla fothola+ Baiseraele naheng+ ena e ntle eo a e fileng baholo-holo ba bona, ’me o tla ba hasanyetsa+ ka nģ’ane ho Nōka,+ ka lebaka la hore ba entse lipalo tse halalelang,+ kahoo ba siteloa+ Jehova. 16 O tla nehelana+ ka Baiseraele ka lebaka la libe tsa Jeroboame tseo a sitiloeng ka tsona le tseo a entseng hore Baiseraele ba sitoe ka tsona.”+
17 Eaba mosali oa Jeroboame oa tloha ’me oa tsamaea o fihla Tirza.+ Ha a fihla monyako oa ntlo, moshanyana a shoa. 18 Kahoo ba mo pata, eaba Baiseraele bohle ba qala ho mo bokollela, ho ea ka lentsoe leo Jehova a neng a le buile ka mohlanka oa hae moprofeta Akija.
19 Litaba tse ling kaofela tsa Jeroboame, kamoo a ileng a loana+ le kamoo a ileng a busa kateng, li ngotsoe bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele. 20 Matsatsi ao Jeroboame a busitseng ka ’ona e ne e le lilemo tse mashome a mabeli a metso e ’meli, ka mor’a moo a robala le baholo-holo ba hae;+ mora oa hae Nadabe+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
21 Ha e le Roboame+ mora oa Solomone, e ne e bile morena Juda. Roboame o ne a le lilemo li mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e supileng, motse+ oo Jehova a neng a o khethile har’a meloko+ eohle ea Iseraele hore a behe lebitso la hae ho oona.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Naama mosali oa Moammone.+ 22 Bajuda ba tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova,+ hoo ba ileng ba mo susumelletsa+ poulelong ho feta sohle seo baholo-holo ba bona ba neng ba se entse ka libe tsa bona tseo ba sitiloeng ka tsona.+ 23 Le bona ba ’na ba ikahela libaka tse phahameng+ le litšiea tse halalelang+ le lipalo tse halalelang+ holim ’a leralla+ le leng le le leng le phahameng le tlas’a sefate+ se seng le se seng se behang haholo. 24 Esita le letekatse la monna la tempele le ile la e-ba teng naheng.+ Ba etsa ho ea ka lintho tsohle tse manyala tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+
25 Eitse ka selemo sa bohlano sa Morena Roboame Shishake+ morena oa Egepeta a futuhela Jerusalema. 26 A nka matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a ntlo ea morena;+ a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+ A tsoela pele ho nka lithebe tsohle tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+ 27 Ka lebaka leo Morena Roboame a etsa lithebe tsa koporo sebakeng sa tsona, ’me a li beha taolong ea baokameli ba limathi,+ balebeli ba monyako oa ntlo ea morena.+ 28 E ne e re nako le nako ha morena a tla ntlong ea Jehova, limathi li ne li li nka, ’me li li khutlisetsa kamoreng ea balebeli ea limathi.+
29 Litaba tse ling kaofela tsa Roboame le sohle seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa linako tsa marena a Juda? 30 Ntoa ea e-ba teng pakeng tsa Roboame le Jeroboame kamehla.+ 31 Qetellong Roboame a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Naama mosali oa Moammone.+ Mora oa hae Abijame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.