Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bekeng Ena
La 28 July–la 3 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2025 | July

LA 28 JULY–LA 3 AUGUST

LIPROVERBIA 24

Pina ea 38 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Lula u Itokiselitse Mathata

(10 mets.)

Ithute ’me u be bohlale (Pr 24:5; it-2-E 610 ¶8)

Tsoela pele ho rapela, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho ea libokeng leha u nyahame (Pr 24:10; w09 12/15 18 ¶12-13)

Ho ba le tumelo e matla le ho rata Jehova ho ka re thusa hore re phahame le kamor’a hore re hlaheloe ke mathata (Pr 24:16; w20.12 15)

Morali oa bo rona ea tšoeroeng ke lefu le kotsi o sebetsa a thabile le motsoalle oa hae ka ntlo le ntlo. Ho na le ntho eo a e shebisitseng mong’a ntlo thaboleteng.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 24:27—Maele aa a re ruta’ng? (w09 10/15 12)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 24:​1-20 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Puisano e fela pele u bua ka molaetsa oa Bibele. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)

6. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Hlalosetsa motho hore na re ithuta Bibele le batho joang ebe u mo fa karete ea lenaneo la ho ithuta Bibele. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

7. Puo

(3 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 11—Sehlooho: Molimo o re File Bibele. (th khaolo ea 6)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 99

8. A re Thusaneng Nakong ea Mathata

(15 mets.) Puisano.

Ka tšohanyetso ho ka ba le lefu la seoa, koluoa ea tlhaho, mohoanto, ntoa kapa mahloriso. Ha mathata a joalo a hlaha, bara le barali ba bo rona baa thusana le ho khothatsana. Le haeba maemo ana a sa re ama ka ho toba, re utloela bana ba bo rona bao a ba ammeng bohloko ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho ba thusa.—1Ko 12:​25, 26.

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba thusa Bakreste-’moho ka litsela tse fapaneng. 1. Bara le barali ba bo rona ba haha Holo ea ’Muso e sentsoeng ke koluoa ea tlhaho. 2. Bara le barali ba bo rona ba amohela ’mè le morali oa hae ba baphaphathehi ka mofuthu. 3. Morali oa bo rona o ntša monehelo Holong ea ’Muso. 4. Bara le barali ba bo rona ba fa Bakreste-’moho ba baphaphathehi lintho tseo ba li hlokang Holong ea ’Muso. 5. Baithaopi ba fana ka libotlolo tse tšetseng metsi. 6. Mor’abo rona oa rapela.

Bala 1 Marena 13:6 le Jakobo 5:16b ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore bahlanka ba Molimo ba rapellane?

Bala Mareka 12:​42-44 le 2 Bakorinthe 8:​1-4 ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tlohela ho ntša monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle ho thusa bana ba bo rona ba hlokang le hoja re e-na le ho honyenyane?

Shebellang VIDEO ea Ho Matlafatsa Bara ba bo Rona Leha re Thibetsoe ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke lintho life tseo bara ba bo rona ba ileng ba li etsa ho bontša hore ba itelletse ho thusa Bakreste-’moho le bona ba neng ba lula moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe Bochabela ba Europe?

  • Bara ba bo rona ba ile ba etsa’ng ho mamela taelo ea hore ba bokane hammoho le ho khothatsana nakong eo mosebetsi o neng o thibetsoe naheng ea ha habo bona?—Heb 10:​24, 25

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 4-5

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 112 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | May

Sehlooho se Ithutoang sa 21: Beke ea la 28 July, 2025–la 3 August, 2025

14 Batlang Motse o Tla Tšoarella

Lihlooho Tse Ling

Lihlooho tse ling tse ka har'a Molula-Qhooa ona

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela