1 Likronike
11 Ka mor’a nako Baiseraele+ bohle ba phuthehela ho Davida Hebrone,+ ba re: “Bona! Re lesapo la hao le nama ea hao.+ 2 Maobane le pele, esita le ha Saule e ne e le morena, ke uena ea neng a ntša Baiseraele le ea neng a ba kenya;+ Jehova Molimo oa hao a re ho uena, ‘U tla lisa+ sechaba sa ka sa Iseraele, ’me u tla ba moeta-pele+ oa sechaba sa ka sa Iseraele.’” 3 Kahoo banna bohle ba baholo ba Iseraele ba tla ho morena Hebrone ’me Davida a hlaba selekane le bona Hebrone ka pel’a Jehova; ka mor’a moo ba tlotsa+ Davida hore e be morena oa Iseraele, ho ea ka lentsoe+ la Jehova ka Samuele.+
4 Hamorao Davida le Baiseraele bohle ba ea Jerusalema,+ ke ho re, Jebuse,+ moo Bajebuse+ e neng e le baahi ba naha. 5 Baahi ba Jebuse ba qala ho re ho Davida: “U ke ke ua kena mona.”+ Leha ho le joalo, Davida a hapa qhobosheane ea Sione,+ ke ho re, Motse oa Davida.+ 6 Kahoo Davida a re: “Mang kapa mang ea hlaselang+ Bajebuse pele, e tla ba hlooho le khosana.” Joabe+ mora oa Tseruja a nyoloha pele, ’me ea e-ba hlooho. 7 Davida a lula sebakeng seo ho leng thata ho se atamela.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba se bitsa Motse oa Davida.+ 8 A qala ho haha motse ka hohle, ho tloha Tutulung esita le ho ea fihla likarolong tse potolohileng, empa Joabe a phelisa+ motse kaofela. 9 Davida a ’na a ba moholo haholo,+ etsoe Jehova oa mabotho o ne a e-na le eena.+
10 Joale bana ke lihlooho tsa banna ba matla+ bao e neng e le ba Davida, ba neng ba tšoareletse ka matla ho eena boreneng ba hae hammoho le Baiseraele bohle, ho mo etsa morena ho ea ka lentsoe+ la Jehova malebana le Iseraele. 11 Lena ke lethathamo la banna ba matla bao e neng e le ba Davida: Jashobeame+ mora oa Mohakmone, hlooho ea ba bararo. O ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng ka nako e le ’ngoe.+ 12 Ka mor’a hae ha e-ba le Eleazare+ mora oa Dodo Moakoki.+ O ne a le har’a banna ba bararo ba matla.+ 13 Ke eena ea neng a e-na le Davida Pase-damime,+ moo Bafilista ba neng ba bokane bakeng sa ntoa. Joale ho ne ho e-na le tšimo e tletseng harese, ’me batho ba ne ba balehile ka lebaka la Bafilista.+ 14 Empa a ema har’a tšimo eaba oa e lopolla, ’me a ’na a bolaea Bafilista, hoo Jehova a ileng a pholosa+ ka poloko e khōlō.+
15 Ba bararo ho ba mashome a mararo+ ba ka sehloohong ba theohela lefikeng, ho Davida lehaheng la Adulame,+ ha lebotho la Bafilista le sa ntse le hlomme liahelo khohlong ea Barefaime.+ 16 Nakong eo Davida o ne a le sebakeng seo ho leng thata ho se atamela;+ nakong eo lebotho le lulang setsing sa sesole la Bafilista+ le ne le le Bethlehema. 17 Ka mor’a nakoana Davida a bontša takatso ea hae ’me a re: “Hoja nka noa+ metsi a tsoang selibeng sa Bethlehema,+ se hekeng!” 18 Eaba ba bararo ba kena ka mahahapa liahelong tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng sa Bethlehema, se leng hekeng, ’me ba tla ba a nkile ba a tlisa ho Davida.+ Davida ha aa ka a lumela ho a noa, empa a a qhalla fatše bakeng sa Jehova.+ 19 A tsoela pele ho re: “Ke ho sa utloahaleng, mabapi le Molimo oa ka, hore ke etse sena! Na ke lokela ho noa mali+ a banna baa ka ho beha meea ea bona kotsing? Etsoe ba a tlisitse ka ho beha meea ea bona kotsing.” Ha aa ka a lumela ho a noa.+ Tsena ke lintho tseo banna bao ba bararo ba ileng ba li etsa.
20 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe,+ ea e-ba hlooho ea ba bararo; o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo. 21 Ho bao ba bararo o ne a hlaheletse ho feta ba bang ba babeli, ’me ea e-ba molaoli oa bona; leha ho le joalo ha aa ka a ba+ ho ba pele ba bararo.
22 Ha e le Benaia+ mora oa Jehojada,+ mora oa monna ea sebete, ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele,+ a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe; a theoha ’me a bolaela tau+ ka har’a sekoti sa metsi letsatsing la ha lehloa le khethehile. 23 Ke eena ea ileng a bolaea monna oa Moegepeta, monna ea boholo bo sa tloaelehang, ea litsoe li hlano.+ Letsohong Moegepeta eo o ne a tšoere lerumo+ le tšoanang le toloki ea ba sebetsang ka foreimi e etsang masela; leha ho le joalo o ile a theohela ho eena ka molamu ’me a hloibila lerumo letsohong la Moegepeta eaba o mo bolaea ka lerumo la hae.+ 24 Benaia mora oa Jehojada a etsa lintho tsena, ’me o ne a e-na le lebitso har’a banna ba matla ba bararo. 25 Le hoja a ne a hlaheletse ho feta ba mashome a mararo, leha ho le joalo ha aa ka a ba boemong ba ba bararo ba pele.+ Leha ho le joalo, Davida a mo beha hore a okamele balebeli ba hae.+
26 Ha e le banna ba matla ba mabotho a sesole, e ne e le Asahele+ mor’abo Joabe, Elkanane+ mora oa Dodo oa Bethlehema, 27 Shamothe+ Moharore, Heleze Mopelone,+ 28 Ira+ mora oa Ikeshe Motekooa, Abi-ezere Moanathothe,+ 29 Sibekai+ Mohushathe, Ilai Moakoki,+ 30 Maharai+ Monetofa,+ Helede+ mora oa Baana Monetofa, 31 Ithai mora oa Ribai+ oa Gibea+ oa bara ba Benjamine,+ Benaia Mopirathone,+ 32 Hurai ea tsoang liphuleng tsa melapo e phoroselang tsa Gashe,+ Abiele Moaraba, 33 Azmavethe Mobaharume,+ Eliaba Moshalbone, 34 bara ba Hasheme Mogizone, Jonathane+ mora oa Shage Moharare, 35 Akiame mora oa Sakare+ Moharare, Elifale+ mora oa Ure, 36 Hefere Momekera, Akija Mopelone, 37 Hezro Mokarmele,+ Narai mora oa Ezbai, 38 Joele mor’abo Nathane,+ Mibhare mora oa Hagri, 39 Zeleke Moammone, Naharai Moberothe, mojari oa lihlomo oa Joabe mora oa Tseruja,40 Ira Moithere, Garebe+ Moithere, 41 Uria+ Mohethe,+ Zabade mora oa Aklai, 42 Adina mora oa Shiza Morubene, hlooho ea Barubene, eo ba neng ba le mashome a mararo ka eena; 43 Hanane mora oa Maaka, le Joshafate Momithini, 44 Uzia Moashtarothe, Shama le Jeiele, bara ba Hothame Moaroere, 45 Jediaele mora oa Shimri, le Joha mor’abo oa Motizi, 46 Eliele Momahava, le Jeribai le Joshavia bara ba Elname, le Ithma Momoabe. 47 Eliele le Obede le Jasiele Momezoba.