Nehemia
11 Joale likhosana+ tsa sechaba li ne li lula Jerusalema;+ empa ha e le batho ba bang kaofela, ba ile ba lahla lotho+ e le ho tlisa a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a lule Jerusalema motseng o halalelang,+ le likarolong tse ling tse robong metseng e meng. 2 Ho feta moo, batho ba ile ba hlohonolofatsa+ banna bohle ba ileng ba ithaopela+ ho lula Jerusalema.
3 Tsena ke lihlooho tsa profinse+ tse neng li lula Jerusalema;+ empa metseng ea Juda ho ne ho lula Baiseraele,+ baprista+ le Balevi,+ le Banethinime+ le bara ba bahlanka ba Solomone,+ e mong le e mong a lula setšeng sa hae, metseng ea bona.+
4 Hape, Jerusalema ho ne ho lula ba bang ba bara ba Juda le ba bang ba bara ba Benjamine.+ Ho bara ba Juda ho ne ho e-na le Athaia mora oa Uzia mora oa Zakaria mora oa Amaria mora oa Shefatia mora oa Mahalalele oa bara ba Pereze;+ 5 Maseia mora oa Baruke mora oa Kolekoze mora oa Hazaia mora oa Adaia mora oa Jojaribe mora oa Zakaria mora oa Moshela. 6 Bara bohle ba Pereze ba neng ba lula Jerusalema ba ne ba le makholo a mane le mashome a tšeletseng a metso e robeli, banna ba nang le bokhoni.
7 Bana e ne e le bara ba Benjamine:+ Salu mora oa Meshulame+ mora oa Joede mora oa Pedaia mora oa Kolaia mora oa Maseia mora oa Ithiele mora oa Jeshaia; 8 ka mor’a hae Gabai le Salai, makholo a robong le mashome a mabeli a metso e robeli; 9 Joele mora oa Zikri, molebeli oa bona, le Juda mora oa Hasenua holim ’a motse e le oa bobeli.
10 Ho baprista: Jedaia mora oa Jojaribe,+ Jakine,+ 11 Seraia mora oa Hilkia mora oa Meshulame+ mora oa Tsadoke+ mora oa Merajothe mora oa Ahitube,+ moeta-pele oa ntlo ea Molimo oa ’nete; 12 barab’abo bona ba etsang mosebetsi oa ntlo,+ makholo a robeli le mashome a mabeli a metso e ’meli; Adaia mora oa Jerohame+ mora oa Pelalia mora oa Amzi mora oa Zakaria mora oa Pashkure+ mora oa Malkija,+ 13 le barab’abo, lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona,+ makholo a mabeli le mashome a mane a metso e ’meli, le Amashesai mora oa Azarele mora oa Ahazai mora oa Meshilemothe mora oa Imere, 14 le barab’abo bona, banna ba matla ba sebete,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e robeli, ’me ho ne ho e-na le molebeli+ oa bona, Zabdiele mora oa ba baholo.
15 Le ho Balevi:+ Shemaia mora oa Hashube mora oa Azrikame mora oa Hashabia+ mora oa Buni, 16 le Shabthai+ le Jozabade,+ ba lihlooho tsa Balevi, holim ’a mosebetsi o ka ntle oa ntlo ea Molimo oa ’nete; 17 Matania,+ mora oa Mikea mora oa Zabdi mora oa Asafe,+ motsamaisi oa ho binoa ha lithoriso,+ o ne a roka thapelong,+ ’me Bakebukia e ne e le oa bobeli ho barab’abo, le Abda mora oa Shamua mora oa Galale+ mora oa Jeduthune.+ 18 Balevi bohle motseng+ o halalelang ba ne ba le makholo a mabeli le mashome a robeli a metso e mene.
19 Balebeli ba liheke+ e ne e le Akube, Talmone+ le barab’abo bona ba neng ba lebela lihekeng,+ lekholo le mashome a supileng a metso e ’meli.
20 Ba bang kaofela ho Iseraele, ho baprista le ho Balevi, ba ne ba le metseng e meng eohle ea Juda, e mong le e mong lefeng la hae.+ 21 Banethinime+ ba ne ba lula Ofele;+ Ziha le Gishpa ba ne ba okametse Banethinime.
22 Molebeli+ oa Balevi Jerusalema e ne e le Uzi mora oa Bani mora oa Hashabia mora oa Matania+ mora oa Mika+ oa bara ba Asafe,+ libini,+ malebana le mosebetsi oa ntlo ea Molimo oa ’nete. 23 Etsoe ho ne ho e-na le taelo ea morena bakeng sa bona,+ ’me ho e-na le tokisetso e tsitsitseng bakeng sa libini kamoo letsatsi ka leng le neng le hloka kateng.+ 24 Pethahia mora oa Meshezabele oa bara ba Zera mora oa Juda o ne a le ka lehlakoreng la morena bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba.
25 Mabapi le metsana+ linaheng tsa bona, ho ne ho e-na le ba bang ba bara ba Juda ba neng ba lula Kiriathe-arba+ le metseng e itšetlehileng ka eona le Dibone le metseng e itšetlehileng ka eona le Jekabezele+ le metsaneng ea eona, 26 le Jeshua le Molada+ le Bethe-pelete+ 27 le Hazare-shuale+ le Beerseba+ le metseng e itšetlehileng ka eona 28 le Ziklage+ le Mekona le metseng e itšetlehileng ka eona 29 le Ene-rimone+ le Zora+ le Jarmuthe,+ 30 Zanooa,+ Adulame+ le metsaneng ea eona, Lakishe+ le masimong a eona, Azeka+ le metseng e itšetlehileng ka eona. Ba hloma liahelo ho tloha Beerseba ho ea fihla phuleng ea Hinome.+
31 Bara ba Benjamine ba ne ba le ho tloha Geba,+ Mikmashe+ le Aija+ le Bethele+ le metseng e itšetlehileng ka eona, 32 Anathothe,+ Nobe,+ Anania, 33 Hazore, Rama,+ Gitaime,+ 34 Hadide, Zeboime, Nebalate, 35 Lode+ le Ono,+ phuleng ea litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. 36 Ho Balevi ho ne ho e-na le lihlopha tsa Juda bakeng sa Benjamine.