Nehemia
13 Letsatsing leo ha baloa+ ho tsoa bukeng+ ea Moshe moo batho ba utloang; ’me ha fumanoa ho ngoliloe ho eona hore Moammone+ le Momoabe+ ha baa lokela ho kena ka phuthehong ea Molimo oa ’nete ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ 2 kaha ba ne ba sa khahlanyetsa bara ba Iseraele ka bohobe+ le ka metsi,+ empa ba qala ho hira Balame+ khahlanong le bona hore a ba rohake.+ Leha ho le joalo, Molimo oa rōna a fetola thohako hore e be tlhohonolofatso.+ 3 Eitse hang ha ba utloa molao,+ ba qala ho arola+ ho Iseraele sehlopha sohle se tsoakaneng.
4 Joale pele ho sena, Eliashibe+ moprista ea ikarabellang holong ea ho jela+ ea ntlo ea Molimo oa rōna e ne e le mong ka Tobia;+ 5 a mo etsetsa holo e khōlō ea ho jela,+ eo ho eona pele ba neng ba beha nyehelo ea lijo-thollo kamehla,+ libano tse tšoeu le lisebelisoa le karolo ea leshome ea lijo-thollo, veine e ncha+ le oli,+ tseo Balevi+ le libini le balebeli ba liheke ba nang le tokelo ho tsona, le monehelo bakeng sa baprista.
6 Nakong ena eohle ke ne ke se Jerusalema, etsoe selemong sa mashome a mararo a metso e ’meli+ sa Artaxerxerse+ morena oa Babylona ke ile ka tla ho morena, ’me hamorao ka kōpa ho morena hore ke be sieo.+ 7 Joale ka tla Jerusalema ’me ka hlokomela bobe boo Eliashibe+ a neng a bo entse bakeng sa Tobia+ ka ho mo etsetsa holo lebaleng la ntlo+ ea Molimo oa ’nete. 8 Ha bonahala ho le hobe haholo ho ’na.+ Kahoo ka lahlela+ thepa eohle ea ntlo ea Tobia ka ntle ho holo ea ho jela. 9 Ka mor’a moo ka ntša taelo ’me ba hloekisa+ liholo tsa ho jela;+ eaba ke khutlisetsa lisebelisoa+ tsa ntlo ea Molimo oa ’nete moo, hammoho le nyehelo ea lijo-thollo le libano tse tšoeu.+
10 Ka fumana hore Balevi ba ne ba sa fuoa likarolo+ tsa bona, hoo Balevi le libini tse etsang mosebetsi li ileng tsa qala ho baleha, e mong le e mong ho ea tšimong ea hae.+ 11 Ka qala ho fumana molato+ ho batlatsi ba ’musi+ ’me ka re: “Ke hobane’ng ha ntlo ea Molimo oa ’nete e hlokomolohuoe?”+ Ka lebaka leo ka ba phutha ’me ka ba emisa libakeng tseo ba emang ho tsona. 12 Bajuda bohle ba tlisa karolo ea leshome+ ea lijo-thollo+ le ea veine e ncha+ le ea oli+ lipolokelong.+ 13 Ka beha moprista Shelemia le mokopitsi Tsadoke le Pedaia oa Balevi hore ba laole lipolokelo; tlas’a taolo ea bona ho ne ho e-na le Hanane mora oa Zakure mora oa Matania,+ kaha ba ne ba nkoa ba tšepahala;+ ’me ho ne ho le matleng a bona ho abela+ barab’abo bona.
14 Molimo oa ka, u nkhopole+ malebana le sena, ’me u se ke ua hlakola+ liketso tsa ka tsa mosa o lerato tseo ke li entseng malebana le ntlo+ ea Molimo oa ka le ho hlokomeloa ha eona.
15 Matsatsing ao ka bona Juda batho ba hatakelang lihatelo tsa veine ka sabatha+ le ba tlisang liqubu tsa lijo-thollo le ho li belesa+ liesele,+ le veine, morara le lifeiga+ le moroalo oa mofuta o mong le o mong, ’me ba li tlisa Jerusalema ka letsatsi la sabatha;+ eaba ke paka khahlanong le bona letsatsing la ho rekisa ha bona lijo. 16 Batyre+ ba ne ba lula motseng, ba tlisa litlhapi le thepa e rekisoang+ ea mofuta o mong le o mong ’me ba rekisetsa bara ba Juda le Jerusalema ka sabatha. 17 Kahoo ka qala ho fumana molato ho bahlomphehi+ ba Juda ’me ka re ho bona: “Ntho ee e mpe eo le e etsang ke’ng, esita le ho silafatsa letsatsi la sabatha? 18 Na ee hase tsela eo baholo-holo ba lōna ba ileng ba etsa ka eona,+ hoo Molimo oa rōna a ileng a tlisa tlokotsi ee holim ’a rōna bohle,+ le holim ’a motse oo? Empa leha ho le joalo le ekeletsa Iseraele bohale bo tukang ka ho silafatsa sabatha.”+
19 Eitse hang ha liheke tsa Jerusalema li koahetsoe ke meriti pele ho sabatha, kapele-pele ka ntša taelo eaba mamati a qala ho koaloa.+ Ho ekelletsa moo ka re ha baa lokela ho a bula ho fihlela ka mor’a sabatha; ’me ka emisa ba bang ba bahlanka ba ka lihekeng e le hore ho se ke ha e-ba le moroalo o ka kenang ka letsatsi la sabatha.+ 20 Ka lebaka leo bahoebi le barekisi ba thepa e rekisoang ea mofuta o mong le o mong ba hlola bosiu ka ntle ho Jerusalema hanngoe le ka lekhetlo la bobeli. 21 Joale ka paka+ khahlanong le bona ’me ka re ho bona: “Ke hobane’ng ha le hlola bosiu ka pel’a lerako? Haeba le ho etsa hape, ke tla le isa letsoho.”+ Ho tloha ka nako eo ho ea pele ha baa ka ba tla ka sabatha.
22 Ka tsoela pele ho bolella Balevi+ hore ba lokela ho itlhoekisa+ kamehla le ho kena, ba lebele liheke+ ho halaletsa+ letsatsi la sabatha. Sena, le sona, u se hopole+ ka lebaka la ka, Molimo oa ka, ’me u nkutloele bohloko ho ea ka bongata ba mosa oa hao o lerato.+
23 Hape, matsatsing ao ka bona Bajuda ba neng ba fane ka bolulo+ ho basali ba Baashdode,+ Baammone le Bamoabe.+ 24 Ha e le bara ba bona, halofo e ne e bua Seashdode, ’me ho ne ho se le ea mong oa bona ea tsebang ho bua Sejuda,+ haese leleme la lichaba tse fapaneng. 25 Ka qala ho fumana molato ho bona ’me ka ba rohaka+ ka otla banna ba bang ba bona+ ka ba hlotha moriri ’me ka ba hlapantša ka Molimo:+ “Ha lea lokela ho fana ka barali ba lōna ho bara ba bona, ’me ha lea lokela ho amohela barali leha e le bafe ba bona bakeng sa bara ba lōna kapa bakeng sa lōna.+ 26 Na hase ka lebaka la baa Solomone morena oa Iseraele a ileng a etsa sebe?+ Har’a lichaba tse ngata ho ne ho se na morena ea joaloka eena;+ ’me o ne a ratoa ke Molimo oa hae,+ hoo Molimo a ileng a mo etsa morena oa Baiseraele bohle. Esita le eena basali basele ba ile ba etsa hore a etse sebe.+ 27 Na hase ntho e e-s’o utluoe hore le etse bobe boo bohle bo boholo ka ho etsa ka ho se tšepahale khahlanong le Molimo oa rōna ka ho fa basali basele bolulo?”+
28 E mong oa bara ba Jojada+ mora oa moprista ea phahameng Eliashibe+ e ne e le mokhoenyana oa Sanbalate+ Mohorone.+ Kahoo ka mo leleka ho ’na.+
29 Molimo oa ka, u ba hopole ka lebaka la tšilafatso+ ea boprista le selekane+ sa boprista le sa Balevi.+
30 Ka ba hloekisa+ nthong e ’ngoe le e ’ngoe esele ’me ka abela baprista le Balevi mesebetsi, e mong le e mong mosebetsing oa hae,+ 31 esita le bakeng sa phepelo ea patsi+ ka linako tse behiloeng le bakeng sa litholoana tsa pele tse butsoitseng.