Esthere
3 Ka mor’a lintho tsena Morena Assueruse a tlotlisa Hamane+ mora oa Hamedatha Moagage+ ’me a mo phahamisa+ le ho beha terone ea hae holim ’a likhosana tse ling tsohle tse neng li e-na le eena.+ 2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le hekeng ea morena+ ba ne ba inama ’me ba itihela fatše ka lifahleho ho Hamane, etsoe morena o ne a laetse joalo mabapi le eena. Empa ha e le Mordekai, o ne a sa iname kapa a itihele fatše ka sefahleho.+ 3 Bahlanka ba morena ba neng ba le hekeng ea morena ba qala ho re ho Mordekai: “Ke hobane’ng ha u tlōla taelo ea morena?”+ 4 Ha ba ntse ba bua le eena letsatsi le letsatsi, ’me a sa ba mamele, joale ba bolella Hamane e le ho bona haeba litaba tsa Mordekai li tla ema;+ etsoe o ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+
5 Joale Hamane a ’na a bona hore Mordekai o ne a sa iname le ho itihela fatše ka sefahleho ho eena,+ ’me Hamane a tlala khalefo.+ 6 Empa mahlong a hae ho ne ho eiseha hore a ise Mordekai letsoho a le mong, etsoe ba ne ba mo boleletse ka batho ba habo Mordekai; ’me Hamane a qala ho batla ho felisa+ Bajuda bohle ba neng ba le sebakeng sohle se pusong ea Assueruse, batho ba habo Mordekai.+
7 Khoeling ea pele,+ ke hore, khoeli ea Nisane, selemong sa leshome le metso e ’meli+ sa Morena Assueruse, e mong a lahla Pure,+ ke hore, Lotho,+ ka pel’a Hamane letsatsi le letsatsi le khoeli le khoeli, ho isa ho ea leshome le metso e ’meli, e leng, khoeli ea Adare.+ 8 Hamane a re ho Morena Assueruse: “Ho na le batho ba itseng ba hasaneng+ le ba arohileng ho lichaba tse liprofinseng tsohle tse sebakeng se pusong ea hao;+ melao ea bona e fapane le ea batho ba bang bohle, ’me ha ba phethe+ melao ea morena, ’me hase ho loketseng bakeng sa morena hore a ba tlohele. 9 Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho ngoloe hore ba timetsoe; ’me ke tla lefa litalenta tsa silevera tse likete tse leshome+ matsohong a ba etsang mosebetsi+ ka ho li tlisa polokelong ea matlotlo a morena.”
10 Eaba morena o tlosa lesale la hae la tiiso+ letsohong ’me o le fa Hamane+ mora oa Hamedatha Moagage,+ ea bontšang bora ho Bajuda.+ 11 Morena a re ho Hamane: “U filoe silevera,+ hammoho le batho, bakeng sa hore u etse ka bona ho ea ka se molemo mahlong a hao.”+ 12 Joale ha bitsoa bangoli ba morena+ khoeling ea pele letsatsing la eona la leshome le metso e meraro, ’me ha ngoloa+ ho ea ka sohle seo Hamane a ileng a se laela babusisi ba morena ba profinse le babusisi ba neng ba le liprofinseng+ tse fapaneng, le likhosana tsa lichaba tse fapaneng, tsa profinse ka ’ngoe, ka mokhoa oa eona oa ho ngola,+ le sechaba ka seng ka leleme la sona; ha ngoloa ka lebitso+ la Morena Assueruse ’me ha tiisoa ka lesale la morena la tiiso.+
13 Ha romeloa mangolo liprofinseng tsohle tsa morena ka batsamaisi ba melaetsa,+ bakeng sa ho felisa, ho bolaea le ho timetsa Bajuda bohle, mohlankana hammoho le monna-moholo, bana ba banyenyane le basali, ka letsatsi le le leng,+ ka letsatsi la leshome le metso e meraro la khoeli ea leshome le metso e ’meli, e leng, khoeli ea Adare,+ le ho tlatlapa thepa e hapuoeng ho bona.+ 14 Kopi ea se ngotsoeng se neng se lokela ho fanoa e le molao+ liprofinseng+ tsohle tse fapaneng e ile ea phatlalatsoa ho lichaba tsohle, hore li lokele letsatsi lena. 15 Batsamaisi ba melaetsa ba ile ba tsoa, ba potlaka+ ka lebaka la lentsoe la morena, ’me molao oa fanoa Shushane+ qhobosheaneng. Ha e le morena le Hamane, ba lula fatše ho noa;+ empa ha e le motse oa Shushane,+ o ne o e-na le pherekano.+