Esthere
5 Eitse ka letsatsi la boraro+ Esthere a apara ka mokhoa oa bofumahali,+ ka mor’a moo a ema lebaleng le ka hare+ la ntlo ea morena mabapa le ntlo ea morena, ha morena a lutse teroneng ea hae ea borena ka tlung ea borena mabapa le monyako oa ntlo. 2 Eare hang ha morena a bona Mofumahali Esthere a eme lebaleng, a fumana kamohelo+ mahlong a hae, hoo morena a ileng a nanabeletsa Esthere lere la borena+ la khauta le neng le le letsohong la hae. Joale Esthere a atamela ’me a ama ntlha ea lere la borena.
3 Joale morena a re ho eena: “U na le eng, Mofumahali Esthere, ’me ke eng seo u se kōpang?+ Ho fihlela halofong ea borena+—u ke u se fuoe!” 4 Eaba Esthere o re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, morena a ke a tle kajeno le Hamane+ moketeng+ oo ke mo etselitseng oona.” 5 Tumellanong le seo morena a re: “E-reng Hamane a phethahatse lentsoe la Esthere kapele.”+ Hamorao morena le Hamane ba tla moketeng o entsoeng ke Esthere.
6 Ka mor’a nako morena a re ho Esthere nakong ea mokete oa veine: “Kōpo ea hao e matla ke eng?+ E ke e phethahatsoe bakeng sa hao! Ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena—se ke se etsoe!” 7 Eaba Esthere oa araba ’me o re: “Kōpo ea ka e matla le seo ke se kōpang ke hore, 8 Haeba ke fumane kamohelo mahlong a morena+ ’me haeba ho morena ho bonahala ho le molemo ho phethahatsa kōpo ea ka e matla le ho phetha seo ke se kōpang, morena le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla ba tšoarela oona hosasane, ’me hosasane ke tla etsa ho ea ka lentsoe la morena.”+
9 Ka lebaka leo Hamane a tsoa letsatsing leo a thabile+ ’me a nyakaletse pelong; empa hang ha Hamane a bona Mordekai hekeng ea morena+ le hore ha aa ka a ema+ ’me ha aa ka a thothomela ka lebaka la hae,+ kapele-pele Hamane a tlala khalefo+ khahlanong le Mordekai. 10 Leha ho le joalo, Hamane a itšoara ’me a ea ka tlung ea hae. Joale a romeletsa ’me a etsa hore metsoalle ea hae le mosali oa hae Zereshe+ ba tlisoe; 11 Hamane a ba bolella ka khanya ea maruo a hae+ le palo e khōlō ea bara ba hae+ le sohle seo morena a neng a mo tlotlisitse ka sona le kamoo a mo phahamisitseng kateng holim ’a likhosana le bahlanka ba morena.+
12 Hamane a tsoela pele ho re: “Ho feta moo, ha ho eo Mofumahali Esthere a mo tlisitseng moketeng le morena haese ’na,+ ’me le hosasane+ ke memetsoe ho eena le morena. 13 Empa sena sohle—ha ho letho la sona le nkhotsofatsang hafeela ke ntse ke bona Mordekai oa Mojuda a lutse hekeng ea morena.” 14 Eaba mosali oa hae Zereshe le metsoalle eohle ea hae ba re ho eena: “E-re ba etse thupa+ e bophahamo ba litsoe tse mashome a mahlano. Joale hoseng+ u bolelle morena hore ba fanyehe Mordekai ho eona.+ Joale u ee moketeng le morena u thabile.” Kahoo taba ena ea bonahala e le molemo+ ka pel’a Hamane, ’me a etsa thupa.+