Esthere
7 Joale morena le Hamane+ ba kena ho tla keteka le Mofumahali Esthere. 2 Joale morena a boela a re ho Esthere letsatsing la bobeli nakong ea mokete oa veine:+ “Kōpo ea hao e matla ke efe,+ Mofumahali Esthere? U ke u e fuoe.+ Ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena+—se ke se etsoe!” 3 Eaba Mofumahali Esthere oa araba o re: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe moea oa ka+ ho ea ka kōpo ea ka e matla le batho ba heso+ ho ea ka seo ke se kōpang. 4 Etsoe re rekisitsoe,+ ’na le batho ba heso, hore re felisoe, re bolaoe le ho timetsoa.+ Joale haeba re ne re rekisitsoe hore re be makhoba feela+ le ho ba makhabunyane feela, ke ne ke tla khutsa. Empa mahlomola ana ha aa lokela ha morena a senyeheloa.”
5 Joale Morena Assueruse a re, e, a tsoela pele ho re ho Mofumahali Esthere: “Ke mang eo,+ hona o kae eo ea itetileng sebete+ ho etsa ka tsela eo?” 6 Joale Esthere a re: “Monna eo, mohanyetsi+ le sera,+ ke Hamane enoa e mobe.”
Ha e le Hamane, a tšoha+ ka lebaka la morena le mofumahali. 7 Ha e le morena, a phahama a halefile+ moketeng oa veine a ea serapeng sa ntlo ea ’muso; Hamane a ema ho etsa kōpo bakeng sa moea oa hae ho Mofumahali Esthere,+ etsoe o ile a bona hore morena+ o ne a mo reretse bobe.+ 8 Morena a khutla serapeng sa ntlo ea ’muso a ea ka tlung ea mokete oa veine;+ ’me Hamane o ne a oetse holim ’a setulo se kang bethe+ seo Esthere a neng a le ho sona. Ka lebaka leo morena a re: “Na le mofumahali o tla betoa, ke ntse ke le ka tlung?” Lentsoe leo la tsoa molomong oa morena,+ ’me ba koahela sefahleho sa Hamane. 9 Joale Harbona,+ e mong oa balaoli ba lekhotla+ ka pel’a morena, a re: “Hape, ho na le thupa+ eo Hamane a e etselitseng Mordekai, ea ileng a bua hantle malebana le morena,+ e eme ka tlung ea Hamane—e bophahamo ba litsoe tse mashome a mahlano.” Eaba morena o re: “Mo fanyeheng ho eona.”+ 10 Ba fanyeha Hamane thupeng+ eo a neng a e lokiselitse Mordekai;+ ’me khalefo ea morena ea kokobela.