Jobo
6 Jobo a araba a re:
2 “Hoja matšoenyeho+ a ka a ne a ka lekanngoa kaofela,
Ka nako e tšoanang ba behe tsietsi ea ka sekaleng!
3 Etsoe joale e boima ho feta lehlabathe la leoatle.
Ke ka lebaka leo mantsoe a ka e bileng puo e hlaha.+
4 Etsoe marumo a Ea Matla ’Ohle a ho ’na,+
Moea oa ka o noa mahloko a ’ona;+
Matšabeho a tsoang ho Molimo a ema khahlanong le ’na.+
6 Na lintho tse se nang tatso li tla jeoa li se na letsoai,
Kapa ho na le tatso leha e le efe lerong le boreleli la mohalalitoe?
7 Moea oa ka o hanne ho ama ntho leha e le efe.
Li joaloka lefu lijong tsa ka.
8 Hoja seo ke se kōpang se ne se ka fihla
Molimo a phethahatse tšepo ea ka!
10 E ne e ntse e tla ba matšeliso ho ’na;
Ke ne ke tla tlōla ke thabo+ bohlokong ba ho tsoaloa ha ka,
Le hoja a ne a ke ke a ba le qenehelo, etsoe ha kea pata lipolelo+ tsa Mohalaleli.+
11 Matla a ka ke eng, e le hore nka tsoela pele ho leta?+
Bofelo ba ka ke eng, e le hore nka tsoela pele ho lelefatsa moea oa ka?
12 Na matla a ka ke matla a majoe?
Kapa na nama ea ka ke ea koporo?
13 Na ke hobane ke sitoa ho itsoela thuso,
’Me mosebetsi o atlehileng o lelekiloe ho ’na?
14 Ha e le mang kapa mang ea hanelang oa habo+ ka mosa o lerato,
O tla boela a tlohele ho tšaba Ea Matla ’Ohle.+
15 Barab’eso ba sebelitse ka bolotsana,+ joaloka molapo o phoroselang oa mariha,
Joaloka likotopo tsa melapo e phoroselang ea mariha e ntseng e feta.
16 E fifalitsoe ke leqhoa,
Lehloa le ipata ho eona.
18 Litsela tsa eona li khelohela ka thōko;
E nyolohela sebakeng se feela ’me ea timela.
20 Ka sebele ba hlajoa ke lihlong kahobane ba ne ba tšepile;
Ba tlile sebakeng seo ’me baa soetseha.+
22 Na ke hobane ke itse, ‘Mpheng ho hong,
Kapa le mphe mpho e tsoang matleng a mang a lōna;
23 Le mpholose letsohong la mohanyetsi,+
Le ntopolle matsohong a bahatelli’?+
27 Le tla lahla lotho hakaakang bakeng sa motho ea se nang ntate,+
Le ho fapanyetsana ka motsoalle oa lōna!+
30 Na ho na le ho se loke lelemeng la ka,
Kapa mahalapa a ka ha a lemohe tsietsi?