Pina ea Methati. Ea Davida.
124 Joale Baiseraele ba ke ba re,+
“Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna,+
2 Hoja e ne e se hore Jehova o bile le rōna+
Ha batho ba re tsohetse matla,+
3 Joale ba ka be ba re metsitse re ntse re phela,+
Ha bohale ba bona bo ne bo re tukela.+
4 Joale metsi a ka be a re hohotse,+
Molapo o phoroselang o ka be o fetile holim’a meea ea rōna.+
5 Joale ho ka be ho fetile holim’a meea ea rōna
Metsi a ho iketelletsa pele.+
6 Ho bokoe Jehova, ea sa nehelanang ka rōna+
Re le liphofu menong a bona.+
7 Meea ea rōna e joaloka nonyana e phonyohileng+
Sefing sa ba chehang.+
Sefi se robehile,+
Re phonyohile.+
8 Thuso ea rōna e lebitsong la Jehova,+
Moetsi oa leholimo le lefatše.”+