Moeklesia
11 Lahlela bohobe+ ba hao holim ’a metsi,+ kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.+ 2 Fana ka karolo ho ba supileng, kapa esita le ho ba robeli,+ etsoe ha u tsebe hore na ho tla etsahala tlokotsi efe lefatšeng.+
3 Haeba maru a tletse metsi, a tšollela pula ea litloebelele holim ’a lefatše;+ ’me haeba sefate se oela ka boroa kapa haeba se oela ka leboea, sefate+ se tla ba sebakeng seo se oelang ho sona.
4 Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.+
5 Feela joalokaha u sa hlokomele tsela ea moea masapong a ka mpeng ea moimana,+ ka mokhoa o tšoanang ha u tsebe mosebetsi oa Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tsohle.+
6 Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane;+ etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho,+ ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.
7 Leseli le boetse le monate, ’me ho hotle hore mahlo a bone letsatsi;+ 8 etsoe haeba motho a ka phela esita le lilemo tse ngata, a ke a thabe ho tsona kaofela.+ A ke a hopole matsatsi a lefifi,+ le hoja a ka ba mangata; letsatsi le leng le le leng le tlileng ke lefeela.+
9 Mohlankana, u thabele+ bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao.+ Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la tsena tsohle.+ 10 Kahoo tlosa matšoenyeho pelong ea hao, ’me u qobe tlokotsi ’meleng oa hao;+ etsoe bocha le qaleho ea bophelo ke lefeela.+