Sefela sa Lifela
4 “Bona! U motle,+ Uena kharebe ea ka. Bona! U motle. Mahlo a hao ke a maeba,+ ka mor’a lesira la hao.+ Moriri oa hao o joaloka mohlape oa lipōli+ tse theohileng li tlōla sebakeng se lithaba sa Gileade.+ 2 Meno a hao a joaloka mohlape oa linku tse tšehali+ tse qetang ho kutoa tse tsoa hlatsuoa, tseo kaofela ha tsona li tsoalang mafahla, ho se le e ’ngoe har’a tsona e shoetsoeng ke likonyana. 3 Molomo oa hao o joaloka khoele e sekareleta, ’me ho bua ha hao hoa khahlisa.+ Litlhafunelo tsa hao ka mor’a lesira la hao li joaloka karolo ea kharenate.+ 4 Molala+ oa hao o joaloka tora+ ea Davida, e hahiloeng ka mela ea majoe, eo ho eona ho fanyehoang lithebe tse sekete, lithebe tsohle tse chitja+ tsa banna ba matla. 5 Matsoele a hao a mabeli+ a joaloka manamane a mabeli, mafahla a tšephe e tšehali, a fulang har’a likhahla.”+
6 “Ho fihlela letsatsi le phola+ le meriti e balehile, ke tla ea thabeng ea myra le leralleng la libano tse tšoeu.”+
7 “U motle ka ho feletseng,+ Uena kharebe ea ka, ’me ha ho na sekoli ho uena.+ 8 E se eka u ka tla le ’na ho tsoa Lebanone, Uena monyaluoa,+ e se eka u ka tla le ’na ho tsoa Lebanone.+ E se eka u ka theoha tlhōrōng ea Thaba e Shebaneng le Lebanone, tlhōrōng ea Senire,+ esita le Hermone,+ ho tloha lilaong tsa litau, ho tloha lithabeng tsa mangau. 9 U entse hore pelo ea ka e otle, Uena khaitseli ea ka,+ monyaluoa oa ka,+ u entse hore pelo ea ka e otle ka le leng la mahlo a hao,+ ka mokhabiso o le mong o leketlileng oa sefaha sa hao. 10 Lipontšo tsa hao tsa lerato li ntle hakaakang,+ Uena khaitseli ea ka, monyaluoa oa ka! Lipontšo tsa hao tsa lerato li molemo hakaakang ho feta veine le monko o monate oa li-oli tsa hao ho feta mefuta eohle ea setlolo se nkhang hamonate!+ 11 Molomo oa hao o ntse o rotha mahe a linotši a khekheng,+ Uena monyaluoa oa ka. Mahe a linotši+ le lebese li tlas’a leleme la hao, ’me monko o monate oa liaparo tsa hao o joaloka monko o monate+ oa Lebanone. 12 Khaitseli ea ka ke serapa se kampetsoeng,+ monyaluoa oa ka, ke serapa se kampetsoeng, seliba se tiisitsoeng. 13 Letlalo la hao ke paradeise ea likharenate, e nang le litholoana tse monate ka ho fetisisa,+ limela tsa hena hammoho le limela tsa nareda;+ 14 nareda+ le safrone,+ lehlaka+ le sinamone,+ hammoho le lifate tsa mefuta eohle ea libano tse tšoeu, myra le makhala,+ hammoho le litlolo tsohle tse nkhang hamonate tsa boleng bo botle ka ho fetisisa;+ 15 le mohloli oa lirapa, seliba sa metsi a hloekileng,+ le melapo e phallang e tsoang Lebanone.+ 16 Tsoha, Uena moea oa leboea, ’me u kene, Uena moea oa boroa.+ Foka holim ’a serapa sa ka.+ Etsa hore litlolo tsa sona tse nkhang hamonate li rothe.”
“Moratuoa oa ka a ke a tle serapeng sa hae ’me a je litholoana tsa sona tse monate ka ho fetisisa.”