Jeremia
44 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia bakeng sa Bajuda bohle ba neng ba lula naheng ea Egepeta,+ ba lulang Migdole+ le Takpanese + le Nofe+ le naheng ea Pathrose,+ le re: 2 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Le bone tlokotsi eohle eo ke e tliselitseng Jerusalema+ le metse eohle ea Juda, ’me bonang! ke sebaka se ripitliloeng kajeno, ’me ha e na baahi.+ 3 Ke ka lebaka la bobe ba bona boo ba bo entseng e le hore ba ntšiteloe ka ho ea le ho etsa mosi oa sehlabelo+ le ho etsa tšebeletso ho melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba, lōna kapa baholo-holo ba lōna.+ 4 Ka ’na ka romela ho lōna bahlanka bohle ba ka baprofeta, ke tsoha hoseng ke ba romela,+ ke re: “Ka kōpo, le se ke la etsa ntho ena ea mofuta o manyala eo ke e hloileng.”+ 5 Empa ha baa ka ba mamela,+ kapa ba sekeha tsebe hore ba tlohele bobe ba bona ka ho se etsetse melimo e meng mosi oa sehlabelo.+ 6 Kahoo khalefo ea ka, le bohale ba ka, bo ile ba tšoloha ’me ba chesa metse ea Juda le literata tsa Jerusalema;+ ’me ea fetoha sebaka se ripitliloeng, lesupi, joaloka letsatsing lena.’+
7 “Joale sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke hobane’ng ha le bakela meea ea lōna tlokotsi e khōlō,+ e le hore ho felisoe ho lōna monna le mosali, ngoana le ea anyang,+ har’a Juda, hoo le sa itšieleng masala; 8 ka ho ntšiteloa ka mesebetsi ea liatla tsa lōna ka ho etsetsa melimo+ e meng mosi oa sehlabelo naheng ea Egepeta, eo le kenang ho eona ho ea lula le le bajaki; ka morero oa ho ipakela hore le felisoe le ka morero oa hore le fetohe bomalimabe le nyeliso har’a lichaba tsohle tsa lefatše?+ 9 Na le lebetse liketso tse mpe tsa baholo-holo+ ba lōna le liketso tse mpe tsa marena a Juda+ le liketso tse mpe tsa basali+ ba ’ona le liketso tsa lōna tse mpe le liketso tse mpe tsa basali ba lōna,+ tseo ba li entseng naheng ea Juda le literateng tsa Jerusalema? 10 Ho fihlela letsatsing lena ha baa ka ba ikutloa ba sithabetse,+ ’me ha baa ka ba tšoha,+ kapa ba tsamaea molaong+ oa ka le litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng tseo ke li behileng ka pel’a lōna le ka pel’a baholo-holo ba lōna.’+
11 “Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke le tjamela ka morero oa ho le tlisetsa tlokotsi le ka morero oa ho felisa Juda eohle.+ 12 Ke tla nka masala a Juda a lebisitseng lifahleho tsa ’ona ho kena naheng ea Egepeta hore a lule e le bajaki,+ ’me ka sebele kaofela a tla fella naheng ea Egepeta.+ A tla lihuoa ka sabole; ’me a tla felisoa ke tlala,+ ho tloha ho e monyenyane esita le ho isa ho e moholo; a tla bolaoa ka sabole le ke tlala. A tla fetoha thohako, ntho e makalloang le bomalimabe le nyeliso.+ 13 Ke tla ahlola litaba khahlanong le ba lulang naheng ea Egepeta, feela joalokaha ke ahlotse litaba khahlanong le Jerusalema, ka sabole, ka tlala le ka lefu la seoa.+ 14 Ho ke ke ha e-ba le ea balehang kapa mophonyohi bakeng sa masala a Juda a kenang hore a lule teng e le bajaki, naheng ea Egepeta,+ esita le ho khutlela naheng ea Juda eo ba phahamisang takatso ea moea hore ba khutlele teng e le hore ba lule;+ etsoe ba ke ke ba khutla, haese ba balehileng.’”
15 Banna bohle ba neng ba tseba hore basali ba bona ba ne ba etsetsa melimo+ e meng mosi oa sehlabelo, le basali bohle ba neng ba eme e le phutheho e khōlō, le sechaba sohle se neng se lula naheng ea Egepeta,+ Pathrose,+ ba araba Jeremia, ba re: 16 “Mabapi le lentsoe leo u re boleletseng lona ka lebitso la Jehova, ha re u mamele;+ 17 empa ka sebele re tla phetha lentsoe le leng le le leng le tsoileng melomong ea rōna,+ e le hore re etsetse ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa hae tsa seno,+ feela joalokaha rōna+ le baholo-holo ba rōna,+ marena+ a rōna le likhosana tsa rōna re ile ra etsa metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema, ha re ne re khora bohobe ’me re atlehile, ’me re sa bone tlokotsi ho hang.+ 18 Ho tloha ka nako eo ka eona re ileng ra khaotsa ho etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa seno re haeletsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me re felisitsoe ka sabole le ke tlala.+
19 “Hape, ha re ne re etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo ’me re batla ho mo tšollela linyehelo tsa seno,+ na re ile ra mo etsetsa mahobe a sehlabelo re sa kōpa banna ba rōna, e le hore re etse setšoantšo sa hae, le ho mo tšollela linyehelo tsa seno?”+
20 Eaba Jeremia o re ho sechaba sohle, ho banna ba shahlileng le ho basali le ho sechaba sohle, se neng se mo araba ka lentsoe, a re: 21 “Ha e le mosi oa sehlabelo oo le o entseng metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema,+ lōna+ le baholo-holo ba lōna,+ marena+ a lōna le likhosana+ tsa lōna le sechaba sa naha, na hase sona seo Jehova a ileng a se hopola ’me sa hlaha pelong ea hae?+ 22 Qetellong Jehova o ne a se a sa khone ho se mamella ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna, ka lebaka la lintho tse manyala tseo le li entseng,+ kahoo naha ea lōna ea fetoha sebaka se ripitliloeng le ntho e makalloang le bomalimabe, ea fetoha e se nang moahi, joaloka letsatsing lena.+ 23 Ka lebaka la hore le entse mosi oa sehlabelo+ le hore le sitetsoe Jehova+ ’me ha lea mamela lentsoe la Jehova+ ’me ha lea ka la tsamaea molaong+ oa hae le litaelong tsa hae tse hlomamisitsoeng le likhopotsong tsa hae, ke ka lebaka leo le hlahetsoeng ke tlokotsi ena joaloka letsatsing lena.”+
24 Jeremia a tsoela pele ho re ho sechaba sohle le ho basali bohle: “Utloang lentsoe la Jehova, Juda eohle e naheng ea Egepeta.+ 25 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ha e le lōna banna le basali ba lōna,+ lōna basali le bua ka melomo, (’me le phethahalitse ka matsoho,) le re: “Ruri re tla phetha boitlamo ba rōna boo re itlammeng+ ka bona, ba ho etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa seno.”+ Lōna basali ruri le tla phetha boitlamo ba lōna, ’me ruri le tla etsa boitlamo ba lōna.’
26 “Ka hona utloang lentsoe la Jehova, lōna bohle ba Juda ba lulang naheng ea Egepeta,+ ‘“Bonang! ke hlapantse ka lebitso la ka le leholo,”+ ho boletse Jehova, “hore lebitso la ka ha e sa tla hlola e e-ba ntho e bitsoang ke molomo oa motho leha e le ofe oa Juda,+ a re, ‘Ka ’Musi Morena Jehova ea phelang!’+ naheng eohle ea Egepeta. 27 Bonang! ke lula ke ba falimehetse bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo;+ ’me ka sebele batho bohle ba Juda ba leng naheng ea Egepeta ba tla felisoa ka sabole le ke tlala, ho fihlela ba khaotsa ho ba teng.+ 28 Ha e le ba phonyohang sabole, ba tla khutlela naheng ea Juda ba tsoa naheng ea Egepeta, ba fokola ka palo;+ ’me bohle ba masala a Juda, ba kenang naheng ea Egepeta hore ba lule teng e le bajaki, ka sebele ba tla tseba hore na ke lentsoe la mang le fetohang ’nete, le tsoang ho ’na kapa le tsoang ho bona.”’”+
29 “‘Ena ke pontšo ea lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘hore ke lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna sebakeng sena, e le hore ruri le ka tseba hore mantsoe a ka a tla phethahala ho lōna bakeng sa tlokotsi:+ 30 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke nehelana ka Faro Hofra, morena oa Egepeta,+ matsohong a lira tsa hae le matsohong a ba batlang moea oa hae,+ feela joalokaha ke nehelane ka Tsedekia morena oa Juda letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, sera sa hae le ea batlang moea oa hae.”’”+