Johanne
2 Joale ka letsatsi la boraro ha e-ba le mokete oa lenyalo Kana+ ea Galilea, ’me ’mè+ oa Jesu o ne a le teng moo. 2 Jesu le barutuoa ba hae le bona ba ne ba memetsoe moketeng oa lenyalo.
3 Ha veine e fela ’mè+ oa Jesu a re ho eena: “Ha ba na veine.” 4 Empa Jesu a re ho eena: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe?+ Hora ea ka ha e e-s’o fihle.”+ 5 ’M’ae a re ho ba sebeletsang: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.”+ 6 Ho ne ho e-na le linkho tsa metsi tsa lejoe tse tšeletseng li lutse moo ho ea kamoo ho neng ho hlokoa ke melao ea tlhoekiso+ ea Bajuda, e ’ngoe le e ’ngoe e khona ho tšela litekanyo tse peli kapa tse tharo. 7 Jesu a re ho bona: “Tlatsang linkho tsa metsi ka metsi.” ’Me ba li tlatsa tsoete! 8 Eaba o re ho bona: “A kheng joale ’me le a ise ho motsamaisi oa mokete.” Kahoo ba a isa. 9 Joale, ha motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a neng a fetotsoe veine+ empa a sa tsebe hore na mohloli oa ’ona e ne e le ofe, le hoja ba sebeletsang ba neng ba khile metsi ba ne ba tseba, motsamaisi oa mokete a bitsa monyali 10 ’me a re ho eena: “Motho e mong le e mong o ntša veine e ntle pele,+ ’me ha batho ba tahiloe, a ntše ea boleng bo tlaasana. U bolokile veine e ntle ho fihlela joale.” 11 Jesu a etsa sena Kana ea Galilea e le tšimoloho ea lipontšo tsa hae, ’me a bonahatsa khanya+ ea hae; ’me barutuoa ba hae ba beha tumelo ea bona ho eena.
12 Ka mor’a sena eena le ’m ’ae le barab’abo+ le barutuoa ba hae ba theohela Kapernauma,+ empa ha baa ka ba lula moo matsatsi a mangata.
13 Joale paseka+ ea Bajuda e ne e le haufi, ’me Jesu a nyolohela Jerusalema.+ 14 A fumana ka tempeleng ba rekisang likhomo le linku le maeba+ le ba ananyang chelete litulong tsa bona. 15 Kahoo, ka mor’a ho etsa sephali sa liropo, a lelekela bohle ba nang le linku le likhomo ka ntle ho tempele, ’me a tšolla lichelete tsa tšepe tsa ba ananyang chelete le ho phethola litafole+ tsa bona. 16 Eaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona! Khaotsang ho etsa ntlo+ ea Ntate ntlo ea thekiso!”+ 17 Barutuoa ba hae ba hopola hore ho ngoliloe: “Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.”+
18 Ka hona, ha Bajuda ba araba ba re ho eena: “Ke pontšo+ efe eo u nang le eona eo u ka re bontšang eona, kaha u etsa lintho tsee?” 19 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Qhaqhang tempele+ ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” 20 Ka hona Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ea hahuoa ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng, ’me na u tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” 21 Empa o ne a bua ka tempele+ ea ’mele oa hae. 22 Leha ho le joalo, ha a tsosoa bafung, barutuoa ba hae ba hopola+ hore o ne a ee a bue sena; ’me ba lumela Lengolo le polelo eo Jesu a e buileng.
23 Leha ho le joalo, ha a le Jerusalema pasekeng, moketeng+ oa eona, batho ba bangata ba beha tumelo ea bona lebitsong+ la hae, ba bona lipontšo tsa hae tseo a neng a li etsa.+ 24 Empa Jesu o ne a sa ipehe tlhokomelong+ ea bona ka lebaka la ho ba tseba kaofela 25 le kahobane o ne a sa hloke hore leha e le mang a pake mabapi le motho, etsoe o ne a tseba se leng ho motho.+