Baroma
3 Joale, bophahamo ba Mojuda+ ke eng, kapa molemo oa lebollo ke ofe?+ 2 Li khōlō haholo ka litsela tsohle. Pele ho tsohle, hobane liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo+ li ile tsa behoa tlhokomelong ea bona. 3 Joale, boemo ke bofe? Haeba ba bang ba sa ka ba bontša tumelo,+ na mohlomong ho hloka tumelo ha bona ho tla etsa hore botšepehi+ ba Molimo e be bo se nang katleho?+ 4 Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa Molimo a ke a fumanoe a e-na le ’nete,+ le hoja motho e mong le e mong a fumanoa a le leshano,+ esita le joalokaha ho ngoliloe: “E le hore u ka pakoa hore u lokile ka mantsoe a hao le hore u ka hlōla ha u ntse u ahloloa.”+ 5 Leha ho le joalo, haeba ho se loke ha rōna ho hlahisetsa ho loka+ ha Molimo pooaneng, re tla re’ng? Molimo ha a hloke toka+ ha a ntša khalefo ea hae, na ha ho joalo? (Ke bua joalokaha ho bua motho.)+ 6 Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Ho seng joalo, Molimo o tla ahlola lefatše joang?+
7 Empa leha ho le joalo haeba ka lebaka la leshano la ka ’nete ea Molimo+ e entsoe hore e hlahelle haholo thorisong ea hae, ke hobane’ng ha le ’na ke sa ntse ke ahloloa joaloka moetsalibe?+ 8 Ke hobane’ng ha ho sa thoe, feela joalokaha re qosoa+ ka bohata le feela joalokaha batho ba bang ba bolela hore re re: “A re etseng lintho tse mpe e le hore lintho tse molemo li ka tla”?+ Kahlolo+ khahlanong le batho bao e tumellanong le toka.+
9 Joale ho ka thoe’ng? Na re boemong bo molemo?+ Le hanyenyane! Etsoe ka holimo re entse qoso ea hore Bajuda hammoho le Bagerike kaofela ba tlas’a sebe;+ 10 feela joalokaha ho ngoliloe: “Ha ho motho ea lokileng, esita le ea mong;+ 11 ha ho ea nang le temohisiso, ha ho ea batlang Molimo.+ 12 Batho bohle ba khelohile, kaofela ha bona hammoho ba fetohile ba se nang thuso; ha ho ea etsang mosa, le ea mong feela.”+ 13 “’Metso ea bona ke lebitla le bulehileng, ba sebelisitse thetso ka maleme a bona.”+ “Chefo ea linoha tse nyenyane tse chefo e ka tlas’a melomo ea bona.”+ 14 “Melomo ea bona e tletse thohako le lipolelo tse hlabang.”+ 15 “Maoto a bona a lebelo ho tšolla mali.”+16 “Tšenyo le bosōtō li litseleng+ tsa bona, 17 ’me ha baa tseba tsela ea khotso.”+ 18 “Ha ho tšabo ea Molimo ka pel’a mahlo+ a bona.”
19 Joale rea tseba hore lintho tsohle tseo Molao+ o li bolelang o li bolella ba tlas’a Molao, e le hore molomo o mong le o mong o ka thijoa+ le hore lefatše lohle le ka ba tlas’a+ kotlo+ e tsoang ho Molimo. 20 Ka hona ka mesebetsi ea molao ha ho nama eo ho tla boleloa hore e lokile+ ka pel’a hae, kaha ka molao+ ho na le tsebo e nepahetseng ea sebe.+
21 Empa joale kantle le molao ho loka+ ha Molimo ho bonahalitsoe, joalokaha ho pakeloa+ ke Molao+ le Baprofeta;+ 22 e, ho loka ha Molimo ka tumelo ho Jesu Kreste,+ bakeng sa bohle ba nang le tumelo.+ Etsoe ha ho khethollo.+ 23 Etsoe bohle ba entse sebe+ ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo,+ 24 ’me ho joaloka mpho+ e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa hae o sa tšoanelang+ ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo+ e lefiloeng ke Kreste Jesu. 25 Molimo o ile a mo beha hore e be nyehelo bakeng sa poelano+ ka tumelo maling a hae.+ Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tšoarela libe+ tse etsahetseng nakong e fetileng ha Molimo a ne a bontša mamello;+ 26 e le hore a bonahatse ho loka+ ha hae nakong ena ea hona joale, e le hore e ka ba ea lokileng esita le ha a bolela hore motho ea nang le tumelo ho Jesu o lokile.+
27 Joale, boithoriso bo hokae?+ Bo koaletsoe ka ntle. Ka molao+ ofe? Oa mesebetsi?+ Che ka sebele, empa ka molao oa tumelo.+ 28 Etsoe re lekanya hore ho boleloa hore motho o lokile ka tumelo kantle le mesebetsi ea molao.+ 29 Kapa na ke Molimo oa Bajuda feela?+ Na hase le oa batho ba lichaba?+ E, hape ke oa batho ba lichaba,+ 30 haeba kannete Molimo o mong,+ ea tla bolela hore batho ba bolotseng+ ba lokile ka lebaka la tumelo le hore batho ba sa bollang+ ba lokile ka tumelo ea bona. 31 Joale, na re felisa molao ka ho feletseng ka tumelo+ ea rōna? Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Ho fapana le hoo, re tiisa molao.+