2 Bakorinthe
2 Etsoe sena ke seo ke iketselitseng qeto ka sona, hore ke se ke ka tla ho lōna hape ka ho hlomoha.+ 2 Etsoe haeba ke etsa hore le hlomohe,+ ka sebele ke mang ea tla ntlhasimolla haese eo ke mo entseng hore a hlomohe? 3 Kahoo ke ile ka ngola ntho eona ena, e le hore, ha ke tla, ke se ke ka hlomoha+ ka lebaka la bao ke tšoanelang ho ba thabela;+ hobane ke na le kholiseho+ ho lōna kaofela hore thabo eo ke nang le eona ke ea lōna kaofela. 4 Etsoe ho tsoa matšoenyehong a mangata le bohlokong bo boholo ba pelo ke ile ka le ngolla ka meokho+ e mengata, eseng hore le ka hlomoha,+ empa e le hore le ka tseba lerato leo ke nang le lona haholo-holo bakeng sa lōna.
5 Joale haeba leha e le mang a bakile ho hlomoha,+ ha aa etsa hore ho hlomohe ’na, empa o entse hore ho hlomohe lōna kaofela ho isa tekanyong e itseng—ke se ke ka ba ea sa utloeleng bohloko ho seo ke se buang. 6 Khalemelo+ ena e matla e fanoeng ke bongata e lekane bakeng sa motho ea joalo, 7 e le hore, joale ho fapana le hoo, le ka mo tšoarela+ ka mosa le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a sithabetsoa ke ho hlomoha ka ho fetisisa.+ 8 Ka hona ke le eletsa hore le tiise lerato+ la lōna bakeng sa hae. 9 Etsoe ho finyella sena hape ke ngola hore ke fumane hantle bopaki ba lōna, hore na lea mamela linthong tsohle.+ 10 Ntho leha e le efe eo ka mosa le e tšoarelang leha e le mang, le ’na kea e tšoarela.+ Ha e le hantle, ha e le ’na, eng kapa eng eo ka mosa ke e tšoaretseng, haeba ka mosa ke tšoaretse ntho leha e le efe, e bile ka lebaka la lōna mahlong a Kreste; 11 e le hore re se ke ra qhekelloa ke Satane,+ kaha re tseba merero ea hae.+
12 Joale ha ke fihla Troase+ ho tla bolela litaba tse molemo tse mabapi le Kreste, ’me monyako o ne o mpulehetse Moreneng,+ 13 ha kea ka ka fumana phomolo moeeng oa ka ka lebaka la ho se fumane mor’eso Tite,+ empa ka re ba sale hantle eaba ke ea Macedonia.+
14 Empa ho ke ho lebohuoe Molimo eo kamehla a re etellang pele+ mokolokong oa tlhōlo hammoho+ le Kreste le ea etsang hore monko oa tsebo ea hae o utloahale ka rōna sebakeng se seng le se seng!+ 15 Etsoe ho Molimo re monko o monate+ oa Kreste har’a ba ntseng ba pholosoa le har’a ba timelang;+ 16 ho ba timelang re monko o tsoang lefung o e-ea lefung,+ ho ba ntseng ba pholosoa re monko o tsoang bophelong o e-ea bophelong. Ke mang ea tšoanelehang ka ho lekaneng bakeng sa lintho tsee?+ 17 Ke rōna; kaha ha re rekise lentsoe la Molimo+ joalokaha batho ba bangata ba le rekisa,+ empa re bua ka botšepehi, e, joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.+