Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 31:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ntat’a lōna o nkentse ka mano ’me o fetotse moputso oa ka ka makhetlo a leshome, empa Molimo ha aa ka a mo lumella ho nketsa hampe.+

  • Deuteronoma 24:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 U lokela ho mo fa moputso+ oa hae ka letsatsi la hae, letsatsi ha lea lokela ho o likella, kahobane o khathatsong ’me o phahamiselitse moea oa hae moputsong oa hae; e le hore a se ke a hoeletsa ho Jehova khahlanong le uena,+ ’me ea e-ba sebe ho uena.+

  • 1 Marena 5:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale laela hore ba nthemele likedare tse tsoang Lebanone;+ bahlanka ba ka ba tla ba le bahlanka ba hao, ’me ke tla u fa meputso ea bahlanka ba hao ho ea ka sohle seo u ka se buang, etsoe u tseba hantle hore har’a rōna ha ho ea tsebang ho rema lifate joaloka Basidone.”+

  • Jobo 7:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 O labalabela moriti+ joaloka lekhoba,

      O letela moputso+ oa hae joaloka mosebetsi ea hiriloeng.

  • Jeremia 22:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “Ho malimabe ea hahang ntlo ea hae,+ empa e se ka ho loka, le likamore tsa hae tse ka holimo, empa e se ka toka, ka ho sebelisa oa habo ea sebeletsang lefeela, le eo a sa mo feng moputso oa hae;+

  • 1 Timothea 5:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Etsoe lengolo le re: “U se ke ua tlama poho molomo ha e pola lithollo”;+ hape: “Mosebetsi o tšoaneloa ke moputso+ oa hae.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela