Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 26:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 U kenye lesira tlas’a lihakisi ’me u behe areka ea bopaki+ ka har’a lesira; ’me lesira le tla le etsetsa karohano pakeng tsa Sehalalelo+ le Sehalalelisiso.+

  • Exoda 40:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U behe areka ea bopaki+ ka har’a eona ’me ka lesira u thibele hore ho se ke ha fihloa Arekeng.+

  • Baheberu 6:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Re na le tšepo+ ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng, ’me e kena ka lesireng,+

  • Baheberu 9:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Etsoe ho ile ha hahuoa kamore+ ea pele ea tente eo ka ho eona ho neng ho e-na le seluloana sa lebone+ le tafole+ le pontšo ea mahobe;+ ’me e bitsoa “Sebaka se Halalelang.”+

  • Baheberu 9:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Empa ka mor’a lesira+ la bobeli ho ne ho e-na le kamore ea tente e bitsoang “Sehalalelisiso.”+

  • Baheberu 10:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 eo a ileng a re qalla eona e le tsela e ncha le e phelang e phunyeletsang lesira,+ ke hore, nama+ ea hae,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela