Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 21:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Monna leha e le ofe oa peō ea moprista Arone ea nang le sekoli a se ke a atamela ho hlahisa linyehelo tsa Jehova tse entsoeng ka mollo.+ O na le sekoli. A se ke a atamela ho hlahisa bohobe ba Molimo oa hae.+

  • Numere 16:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 e le sehopotso bakeng sa bara ba Iseraele, e le hore ho se ke ha e-ba le monna osele+ eo e seng ngoana oa Arone ea tla atamela ho etsa hore libano li kubelle ka pel’a Jehova,+ ’me ho se ke ha e-ba le ea ka tšoanang le Kora le phutheho+ ea hae, feela joalokaha Jehova a ne a buile le eena ka Moshe.

  • Numere 18:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Balevi ba ntšetse pele tšebeletso ea tente ea pokano, ’me ke bona ba lokelang ho arabella liphoso+ tsa bona. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang melokong ea lōna hore ha baa lokela ho rua lefa har’a bara ba Iseraele.+

  • 2 Likronike 26:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Joale ba ema khahlanong le Morena Uzia+ ’me ba re ho eena: “Uzia, hase mosebetsi oa hao+ ho chesetsa Jehova libano, empa ke mosebetsi oa baprista bara ba Arone,+ ba halalelitsoeng, hore ba chese libano. Tsoa sehalalelong; etsoe u entse ka ho se tšepahale, ’me ha ho u tlisetse khanya+ ea letho e tsoang ho Jehova Molimo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela