Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 16:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 hore ba nyehele ho Jehova linyehelo tsa secheso aletareng ea linyehelo tsa secheso kamehla hoseng le mantsiboea le bakeng sa sohle se ngotsoeng molaong oa Jehova oo a o laetseng Baiseraele;+

  • 2 Likronike 2:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 bona! ke hahela+ lebitso+ la Jehova Molimo oa ka ntlo ho e halaletsa+ ho eena, ho chesa libano+ tse nkhang hamonate ka pel’a hae, ka bohobe+ bo kolohantsoeng ba kamehla le linyehelo tsa secheso hoseng le ka shoalane,+ ka lisabatha+ le ka likhoeli tse thoasitseng+ le ka linako+ tsa mokete tsa Jehova Molimo oa rōna. Sena se tla ba holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • 2 Likronike 13:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba etsa hore linyehelo tsa secheso tsa Jehova li kubelle hoseng ho hong le ho hong le ka shoalane+ e ’ngoe le e ’ngoe hammoho le libano+ tse nkhang hamonate; le mahobe a kolohantsoeng a holim ’a tafole ea khauta+ e hloekileng, ’me ho na le seluloana sa mabone+ sa khauta le mabone a sona bakeng sa ho khantša shoalane+ e ’ngoe le e ’ngoe; hobane re boloka tlamo+ ho Jehova Molimo oa rōna, empa le mo tlohetse.+

  • Daniele 9:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “O tla boloka selekane+ se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le ’ngoe;+ halofong ea beke o tla felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.+

      “Lepheong la lintho tse nyonyehang ho tla ba le se bakang lesupi;+ ’me ho fihlela phelisong, ntho e etselitsoeng qeto e tla tšolleloa le holim ’a seo e leng lesupi.”+

  • Baheberu 7:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Eena ha ho hlokahale hore letsatsi le leng le le leng,+ joalokaha ho hlokahala ho baprista bao ba phahameng, a nyehele mahlabelo, pele bakeng sa libe+ tsa hae e ntan’o ba bakeng sa tsa sechaba:+ (kaha sena o ile a se etsa hang+ le ka ho ke keng ha phetoa ha a inyehela;+)

  • Baheberu 10:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Hape, moprista e mong le e mong o ema+ letsatsi le letsatsi+ ho etsa tšebeletso ea phatlalatsa le ho nyehela hangata mahlabelo a tšoanang, kaha ana ha ho nako eo ka eona a khonang ho tlosa libe ka ho feletseng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela