2 Sechaba sa qala ho qabana le Moshe ’me sa re:+ “Re fe metsi re noe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobane’ng ha le qabana le ’na? Ke hobane’ng ha le ntse le leka Jehova?”+
7 “Hopolang: Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lōna kateng lefeelleng.+ Ho tloha letsatsing leo le tsoileng naheng ea Egepeta ka lona ho fihlela ha le fihla sebakeng sena le fetohetse Jehova.+
27 Etsoe ’na—ke tseba hantle borabele+ ba lōna le melala ea lōna e sataletseng.+ Haeba kajeno ha ke ntse ke phela le lōna, le fetohetse Jehova,+ joale ho tla ba joalo hakaakang ka mor’a lefu la ka!