4 Ka sebele Jehova o tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa liphoofolo tse ruiloeng tsa Iseraele le liphoofolo tse ruiloeng tsa Egepeta, ’me ho ke ke ha shoa letho ho sohle seo e leng sa bara ba Iseraele.”’”+
23 Ha baa ka ba bonana, ’me ha ho le ea mong oa bona ea ileng a tsoha sebakeng sa hae ka matsatsi a mararo; empa ho ne ho e-na le leseli bakeng sa bara bohle ba Iseraele libakeng tsa bona tsa bolulo.+
7 Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo;+ e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’+
13 Mali e tla ba pontšo ea lōna ka matlung ao le leng ho ’ona; ke tla bona mali ’me ke le fete,+ ’me le ke ke la oeloa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ea Egepeta.