Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 4:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Eaba Jehova o tsoela pele ho re ho Moshe: “Ha u se u ile ’me u khutletse Egepeta u bone hore u etsa mehlolo eohle eo ke e behileng matsohong a hao ka pel’a Faro.+ Ha e le ’na, ke tla tlohela pelo ea hae hore e be manganga;+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+

  • Exoda 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena,+ ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+

  • Exoda 10:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Leha ho le joalo, Jehova a tlohela pelo ea Faro hore e be manganga,+ ’me ha aa ka a tlohela bara ba Iseraele hore ba tsamaee.

  • 1 Samuele 6:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Hape, ke hobane’ng ha le etsa hore lipelo tsa lōna li se ke tsa arabela feela ka tsela eo ka eona Baegepeta le Faro ba ileng ba etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa arabela?+ Na ha ea ka ea e-ba hang ha A sebetsana le bona ka thata+ ba ileng ba qala ho re ba tsamaee, ’me ba tsamaea?+

  • Esaia 26:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka.+ O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka+ naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela