Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 12:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ka khoeli ea pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli, ka shoalane le tla ja mahobe a sa lomosoang ho fihlela ka letsatsi la mashome a mabeli a motso o mong la khoeli ka shoalane.+

  • Exoda 16:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Ke utloile ho korotla ha bara ba Iseraele.+ Bua le bona, u re, ‘Pakeng tsa lishoalane tse peli le tla ja nama ’me hoseng le tla khora bohobe;+ ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’”+

  • Levitike 23:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Khoeling ea pele, letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli,+ pakeng tsa lishoalane tse peli ke paseka+ ea Jehova.

  • Numere 9:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Le lokela ho se lokisa ka nako ea sona e behiloeng letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli ena pakeng tsa lishoalane tse peli.+ Le lokela ho se lokisa+ ho ea ka litaelo tsohle tsa sona tse hlomamisitsoeng le mekhoa ea sona e tloaelehileng.”

  • Deuteronoma 16:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Empa sebakeng seo Jehova Molimo oa hao a tla khetha hore lebitso la hae le be ho sona,+ u lokela ho etsa sehlabelo sa paseka ka shoalane hang ha letsatsi le likela,+ ka nako e behiloeng ea ha u tsoa Egepeta.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela