Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 14:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Joale lengeloi+ la Molimo oa ’nete le neng le etella sehlopha sa Iseraele pele la tloha ’me la ea ka mor’a sona, ’me topallo ea leru ea tloha ka pel’a sona ea ema ka mor’a sona.+

  • Numere 9:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale ka letsatsi la ho hloma tabernakele+ leru la koahela tabernakele ea tente ea Bopaki,+ empa ka shoalane se bonahalang e le mollo+ sa lula holim ’a tabernakele ho fihlela hoseng.

  • Deuteronoma 1:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 ea neng a tsamaea ka pel’a lōna tseleng ea ho ea hloela sebaka seo le ka hlomang liahelo ho sona,+ ka mollo bosiu hore le bone tsela eo le tla tsamaea ka eona le ka leru motšehare.+

  • Nehemia 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ua ba tsamaisa ka topallo ea leru motšehare,+ le ka topallo ea mollo bosiu,+ ho ba khantšetsa+ tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona.

  • Pesaleme 99:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 A tsoela pele ho bua le bona topallong ea leru.+

      Ba ile ba boloka likhopotso tsa hae le molao oa tsamaiso oo a ileng a ba fa oona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela