Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 39:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ha ho e moholo ho mpheta ka tlung ena, ’me ha aa nkhanela ka letho haese uena, hobane u mosali oa hae.+ Kahoo nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”+

  • Deuteronoma 5:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “‘U se ke ua feba.+

  • Liproverbia 6:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Mang kapa mang ea febang le mosali o na le pelo e haelloang;+ ea ho etsang o felisa moea oa hae.+

  • Matheu 5:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’+

  • Matheu 5:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali+ e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile+ le eena ka pelong+ ea hae.

  • Baroma 13:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Etsoe molao o reng, “U se ke ua feba,+ U se ke ua bolaea,+ U se ke ua utsoa,+ U se ke ua chacheha ka mohono,”+ le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”+

  • 1 Bakorinthe 6:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Balehelang bohlola.+ Sebe se seng le se seng seo motho a ka se etsang se ka ntle ho ’mele oa hae, empa ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.+

  • Baheberu 13:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila,+ kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela