Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 18:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ba ahlola sechaba ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng. Ba ne ba tlisa nyeoe e boima ho Moshe,+ empa nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ba ne ba e sebetsa e le baahloli.

  • Deuteronoma 16:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “U lokela ho ipehela baahloli+ le balaoli+ ka har’a liheke tseo Jehova Molimo oa hao a u fang tsona ka meloko ea hao, ’me ba ahlole sechaba ka kahlolo e lokileng.

  • Deuteronoma 17:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “Haeba taba ea qeto ea boahloli e ka ba e sa tloaelehang haholo bakeng sa lōna,+ eo ho eona ho tšolotsoeng mali,+ eo ho eona ho hlahisitsoeng tseko ea molao,+ kapa ho entsoe ketso e mabifi, e le litaba tseo ho tsekisanoang ka tsona,+ ka har’a liheke tsa lōna, le eme ’me le nyolohele sebakeng seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha,+

  • Deuteronoma 22:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Banna ba baholo+ ba motse oo ba tla nka monna eo ’me ba mo laee.+

  • 2 Likronike 19:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ha e le ka nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e tla tla ho lōna ea barab’abo lōna ba lulang metseng ea bona, e amang ho tšolloa ha mali,+ e amang molao+ le taelo+ le melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli,+ le ba lemose e le hore ba se ke ba fosetsa Jehova le hore khalefo+ e se ke ea e-ba teng khahlanong le lōna le khahlanong le barab’abo lōna. Le lokela ho etsa tjena e le hore le se ke la itjarisa molato.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela