19 U se ke ua khopamisa kahlolo.+ U se ke ua ba leeme+ kapa ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ ’me e khopamisa mantsoe a ba lokileng.
7 Joale le ke le oeloe ke tšabo+ ea Jehova.+ Hlokomelang ’me le nke bohato,+ etsoe ho Jehova Molimo oa rōna ha ho na ho se loke+ kapa leeme+ kapa ho nka tjotjo.”+
12 Etsoe ke tsebile kamoo bofetoheli ba lōna bo leng boholo kateng+ le kamoo libe tsa lōna li leng matla kateng,+ Lōna ba bontšang bora ho ea lokileng,+ lōna ba nkang tjotjo,+ le ba khelosang mafutsana+ esita le hekeng.+