-
Exoda 7:19Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
19 Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Nka molamu oa hao ’me u otlolle letsoho+ holim ’a metsi a Egepeta, holim ’a linōka tsa bona, holim ’a melatsoana ea Nile le holim ’a matamo a bona+ a nang le lehlaka le holim ’a metsi ’ohle a bona a bokeletsoeng, hore a tle a fetohe mali.’ Ka sebele ho tla ba le mali naheng eohle ea Egepeta le ka lijaneng tsa lehong le ka lijaneng tsa lejoe.”
-
-
Levitike 11:32Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
32 “‘Joale ntho efe kapa efe eo leha e le efe ea tsona e ka oelang holim ’a eona ha e shoele e tla ba e sa hloekang, ebang ke sejana+ sa lehong kapa seaparo kapa letlalo+ kapa lesela la mokotla.+ Sejana leha e le sefe se sebelisoang ka tsela e itseng se tla kenngoa metsing, ’me e tla ba se sa hloekang ho fihlela mantsiboea ’me se ntan’o hloeka.
-