23 Joale Arone a nka Elisheba, morali oa Aminadabe, khaitseli ea Nashone,+ hore e be mosali oa hae. Hamorao a mo tsoalla Nadabe le Abihu, Eleazare le Ithamare.+
4 Leha ho le joalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shoa ka pel’a Jehova ha ba ne ba nyehela mollo+ oo e seng oa molao ka pel’a Jehova lefeelleng la Sinai; ha baa ka ba e-ba le bara. Empa Eleazare+ le Ithamare+ ba tsoela pele ho sebetsa e le baprista hammoho le ntat’a bona Arone.
8 eaba o fa bara ba Merari likoloi tse ’nè le likhomo tse robeli ka ho lekana le tšebeletso ea bona,+ tlas’a letsoho la Ithamare mora oa moprista Arone.+