Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 18:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Moshe a qala ho khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba fa maemo hore e be lihlooho tsa sechaba,+ e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome.

  • Numere 1:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Bana ke ba bitsitsoeng ho phutheho, marenana+ a meloko ea bo-ntat’a bona. Ke lihlooho tsa ba likete ba Iseraele.”+

  • Joshua 22:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 hammoho le marenana a leshome, morenana a le mong oa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa la habo ntat’a meloko eohle ea Iseraele, ’me e mong le e mong e ne e le hlooho ea ntlo ea bo-ntat’a bona ba likete tsa Iseraele.+

  • Joshua 23:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Joshua a bitsa Baiseraele bohle,+ banna ba bona ba baholo le lihlooho tsa bona le baahloli ba bona le balaoli ba bona,+ a re ho bona: “Ha e le ’na, ke tsofetse, ke se ke ile lilemong.

  • 1 Likronike 27:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Ha e le bara ba Iseraele ka palo ea bona, lihlooho tsa malapa a habo ntate+ le balaoli+ ba ba likete le ba ba makholo+ le balaoli ba bona ba neng ba sebeletsa+ morena tabeng e ’ngoe le e ’ngoe ea lihlopha tsa ba neng ba kena le ba neng ba tsoa khoeli le khoeli ka likhoeli tsohle tsa selemo, sehlopha ka seng e ne e le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela