3 Lula u le mojaki naheng ena,+ ’me ke tla ba le uena ke u hlohonolofatse, hobane ke tla fa uena le peō ea hao linaha tsena kaofela,+ ’me ke tla phetha polelo e hlapanyelitsoeng eo ke e hlapanyelitseng ntat’ao Abrahama,+
24 Qetellong Josefa a re ho barab’abo: “Kea shoa; empa ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lōna,+ ’me ka sebele o tla le ntša naheng ena a le ise naheng eo a e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+
5 Etlare ha Jehova a le tlisitse naheng ea Bakanana le Bahethe le Baamore le Baheve le Bajebuse,+ eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna hore o tla le fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši,+ joale le tla etsa tšebeletso ena ka khoeli ena.