Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 49:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda,+ leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla;+ ’me lichaba li tla mo mamela.+

  • Numere 24:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke tla mo bona,+ empa eseng hona joale;

      Ke tla mo bona, empa eseng haufi.

      Ka sebele naleli+ e tla tsoa ho Jakobo,

      ’Me ruri lere la borena le tla hlaha ho Iseraele.+

      Ka sebele o tla pshatla litlhafunelo tsa hlooho+ ea Moabe

      Le mahata a bara bohle ba morusu oa ntoa.

  • Luka 7:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale kaofela ba tšoaroa ke tšabo,+ ’me ba qala ho tlotlisa Molimo, ba re: “Moprofeta+ e moholo o hlahisitsoe har’a rōna,” ’me, “Molimo o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho+ ba hae.”

  • Luka 24:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Eaba o re ho bona: “Lintho life?” Ba re ho eena: “Lintho tse malebana le Jesu Monazaretha,+ eo e neng e le moprofeta+ ea matla mosebetsing le lentsoeng ka pel’a Molimo le batho bohle;

  • Johanne 1:45
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane eo Moshe, Molaong,+ le Baprofeta+ ba ileng ba ngola ka eena, Jesu, mora oa Josefa,+ ea tsoang Nazaretha.”

  • Johanne 6:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Kahoo ha batho ba bona lipontšo tseo a ileng a li etsa, ba qala ho re: “Kannete-nete enoa ke moprofeta+ ea neng a tla tla lefatšeng.”

  • Liketso 3:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ha e le hantle, Moshe o ile a re, ‘Jehova Molimo o tla le hlahisetsa har’a barab’abo lōna moprofeta ea joaloka ’na.+ Le mo mamele ho ea ka lintho tsohle tseo a le bolellang tsona.+

  • Liketso 7:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 “Enoa ke eena Moshe ea ileng a re ho bara ba Iseraele, ‘Molimo o tla le hlahisetsa har’a barab’abo lōna moprofeta ea joaloka ’na.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela