Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 joale ’na ke tla le etsa se latelang, ’me e le kotlo ka sebele ke tla le tlisetsa pherekano le lefuba+ le feberu e chesang, tse etsang hore mahlo a felloe+ ke matla le tse etsang hore moea o tepelle.+ Le tla jalla peō ea lōna lefeela, etsoe ka sebele lira tsa lōna li tla e ja.+

  • Deuteronoma 28:51
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 51 Ka sebele se tla ja litholoana tsa liphoofolo tsa lōna tse ruuoang le litholoana tsa naha ea lōna ho fihlela le felisitsoe,+ ’me se ke ke sa u siela lijo-thollo, veine e ncha kapa oli, namane ea khomo ea hao kapa se tsoetsoeng ke mohlape oa hao, ho fihlela se u timelitse.+

  • Nehemia 9:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 lihlahisoa tsa eona li atela+ marena+ ao u a behileng hore a re okamele ka lebaka la libe tsa rōna,+ ’me a busa ’mele ea rōna le liphoofolo tsa rōna tse ruuoang, ho ea ka ho rata ha ’ona, ’me re mahlomoleng a maholo.+

  • Esaia 1:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Naha ea lōna ke lesupi,+ metse ea lōna e chesitsoe ka mollo;+ naha ea lōna—e jeoa+ ke basele+ ka pel’a lōna, ’me lesupi le tšoana le ho lihuoa ke basele.+

  • Jeremia 5:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Hape ka sebele se tla ja lijalo tsa lōna le bohobe ba lōna.+ Banna ba tla ja bara ba lōna le barali ba lōna. Ba tla ja mehlape ea lōna ea likhutšoane le mehlape ea lōna ea liphoofolo tse khōlō. Ba tla ja lifate tsa lōna tsa morara le lifate tsa lōna tsa feiga.+ Ka sabole ba tla senya metse ea lōna e etselitsoeng liqhobosheane eo le e tšepang.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela