18 “Kahoo ka nako eo ka le laela, ka re, ‘Jehova Molimo oa lōna o le file naha ena hore le e rue. Le tla feta, le hlometse, ka pel’a barab’abo lōna, bara ba Iseraele, banna bohle ba sebete.+
8 Balaoli ba bue le sechaba hape ’me ba re, ‘Ke monna ofe ea tletseng tšabo le ea boi?+ A ke a khutlele ntlong ea hae, e le hore a se ke a nyahamisa barab’abo lipelo joalokaha pelo ea hae e nyahame.’+
34 ba thiba matla a mollo,+ ba phonyoha bohale ba sabole,+ ho tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla,+ ba fetoha ba sebete ntoeng,+ ba qhalakanya mabotho a basele.+