4 Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha,+ etsoe ha ho thabeloe ba hlokang kelello.+ U phethe boitlamo boo u bo etsang.+
6 U se ke ua lumella molomo oa hao ho etsa hore nama ea hao e etse sebe,+ kapa ua bolela ka pel’a lengeloi+ hore e ne e le phoso.+ Ke hobane’ng ha Molimo oa ’nete a lokela ho halefa ka lebaka la lentsoe la hao ’me a lokela ho senya mosebetsi oa matsoho a hao?+