Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 18:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka kōpo, ho ke ho nkoe metsinyana, ’me maoto a lōna a hlatsuoe.+ Joale le otle ka lehlakore tlas’a sefate.+

  • 1 Samuele 25:41
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 41 Kapele-pele a ema eaba o inamela fatše ka sefahleho+ ’me o re: “Lekhabunyane la hao ke lena hore e be lekhabunyane le hlatsoang maoto+ a bahlanka ba moren ’a ka.”+

  • 2 Samuele 11:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Qetellong Davida a re ho Uria: “Theohela ntlong ea hao ’me u itlhatsoe maoto.”+ Ka lebaka leo Uria a tsoa ntlong ea morena, ’me mpho ea mosa ea morena ea mo latela.

  • Luka 7:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Eaba o retelehela ho mosali eo ’me o re ho Simone: “Na u bona mosali enoa? Ke kene ka tlung ea hao; ha ua ka ua mpha metsi+ bakeng sa maoto a ka. Empa mosali enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho ea hae ’me a e hlakola ka moriri oa hae.

  • Johanne 13:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka mor’a moo a tšela metsi ka beisineng ’me a qala ho hlatsoa maoto+ a barutuoa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka eona.

  • 1 Timothea 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 ea pakoang ka mesebetsi+ e metle, haeba a ile a hōlisa bana,+ haeba a ile a amohela basele,+ haeba a ile a hlatsoa maoto a bahalaleli,+ haeba a ile a imolla ba matšoenyehong,+ haeba a ile a latela ka khothalo mosebetsi+ o mong le o mong o molemo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela