Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 24:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Joale Moshe a tla eaba o phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le liqeto tsohle tsa boahloli,+ ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.”+

  • Exoda 24:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Kahoo Moshe a nka mali ’me a fafatsa sechaba ka oona+ eaba o re: “Ana ke mali a selekane+ seo Jehova a se hlabileng le lōna mabapi le mantsoe ana ’ohle.”

  • Exoda 34:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: “Ingolle mantsoe ana,+ hobane ke tumellanong le mantsoe ana ke hlabang selekane le uena le Iseraele.”+

  • Deuteronoma 29:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ana ke mantsoe a selekane seo Jehova a laetseng Moshe hore a se hlabe le bara ba Iseraele naheng ea Moabe ntle ho selekane seo a se hlabileng le bona Horebe.+

  • Joshua 23:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 ka lebaka la ho tlōla ha lōna selekane sa Jehova Molimo oa lōna seo a le laetseng sona, le hobane le tlohile ’me la sebeletsa melimo e meng le ho e inamela.+ Ka sebele bohale ba Jehova bo tla le tukela,+ ’me ka sebele le tla timela ka potlako lefatšeng le letle leo a le fileng lona.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela