24 Ha e le mohlanka oa ka Kalebe,+ kahobane o na le moea o fapaneng ’me o ’nile a ntatela+ ka ho feletseng, ka sebele ke tla mo tlisa naheng eo a ileng ho eona, ’me bana ba hae ba tla e rua.+
9 Ka lebaka leo Moshe a hlapanya letsatsing leo, a re, ‘Naha eo leoto la hao le hatileng holim ’a eona+ e tla ba ea hao le ea bara ba hao e le lefa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hobane u latetse Jehova Molimo oa ka ka ho feletseng.’+