22 Ha e le Anna, ha aa ka a nyoloha,+ kaha o ne a itse ho monna oa hae: “Hang ha moshanyana a khoesitsoe,+ ke tla mo tlisa, ’me o tla hlaha ka pel’a Jehova ’me a lule moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
24 Ka lebaka leo hang feela ha a mo khoesitse, a nyoloha le eena, hammoho le poho e lilemo li tharo le efa e le ’ngoe ea phofo le nkho e khōlō ea veine,+ ’me a kena ka tlung ea Jehova e Shilo.+ Moshanyana o ne a e-na le eena.