Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 “‘U se ke ua chalaka har’a batho ba heno ka morero oa ho etselletsa.+ U se ke ua ema khahlanong le mali+ a oa heno. Ke ’na Jehova.

  • 1 Samuele 26:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Joale ka kōpo, khosi ea ka morena, a ke a mamele mantsoe a mohlanka oa hae: Haeba ke Jehova ea u susumelelitseng khahlanong le ’na, a ke a fofonele nyehelo ea lijo-thollo.+ Empa haeba ke bara ba motho,+ ba rohakiloe ka pel’a Jehova,+ hobane kajeno ba ntelekile ho ikamahanyeng le lefa la Jehova,+ ba re, ‘Tsamaea, u sebeletse melimo e meng!’+

  • Pesaleme 101:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Mang kapa mang ea etselletsang motsoalle oa hae sephiring,+

      Kea mo khutsisa.+

      Mang kapa mang ea mahlo a ikhohomosang le ea pelo e ikakasang,+

      Nke ke ka mo mamella.+

  • Liproverbia 16:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Motho ea bolotsana o ntse a hlahisa ho hloka kutloano,+ ’me moetselletsi o arola ba tloaelaneng.+

  • Liproverbia 17:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Moetsi oa bobe o ela hloko molomo oa se kotsi.+ Ea leshano o mamela leleme le bakang litsietsi.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela