Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 13:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 ‘Banna ba se nang molemo ba tsoile har’a+ lōna e le hore ba leke ho khelosa baahi ba metse+ ea bona, ba re: “A re eeng ’me re sebeletse melimo e meng,” eo le sa kang la e tseba,’

  • 1 Samuele 10:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Ha e le banna ba se nang molemo,+ ba re: “Eo o tla re pholosa joang?”+ Ka lebaka leo ba mo nyelisa,+ ’me ha baa ka ba tlisa mpho leha e le efe ho eena.+ Empa a tsoela pele a le joaloka ea sa khoneng ho bua.+

  • 1 Samuele 25:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ka kōpo, moren ’a ka a se ke a beha pelo ea hae ho monna enoa ea se nang molemo+ Nabale, etsoe, bitso-lebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, ’me ha a na kelello.+ Ha e le ’na lekhabunyane la hao, ha kea ka ka bona bahlankana ba moren ’a ka bao u neng u ba romile.

  • 1 Samuele 30:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Leha ho le joalo, monna e mong le e mong e mobe le ea se nang molemo+ har’a banna ba neng ba tsamaile le Davida a araba ’me a ’na a re: “Ka lebaka la hore ha baa ka ba tsamaea le rōna, re ke ke ra ba fa letho la thepa e hapuoeng eo re e lopolotseng, haese ho fa e mong le e mong mosali oa hae le bara ba hae, ’me re ba tlohele hore ba ba etelle pele ’me ba tsamaee.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela