Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 14:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale moea oa Jehova oa sebetsa ho eena,+ hoo a ileng a e arola likoto tse peli, feela joalokaha motho a arola potsanyane e tona likoto tse peli, ’me ho hang ho ne ho se letho letsohong la hae. Ha aa ka a bolella ntat’ae kapa ’m ’ae seo a se entseng.

  • 1 Samuele 11:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Moea+ oa Molimo oa sebetsa ho Saule ha a utloa mantsoe ana, ’me bohale ba hae ba tuka haholo.+

  • 1 Samuele 16:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka lebaka leo Samuele a nka lenaka la oli+ ’me a mo tlotsa har’a barab’abo. Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+

  • Zakaria 4:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Tumellanong le hoo la araba ’me la re ho ’na: “Lena ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng, ‘“Eseng ka lebotho la sesole,+ kapa ka matla,+ empa ka moea oa ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.

  • 2 Bakorinthe 3:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Eseng hore re tšoaneleha ka ho lekaneng ho lekanya hore ntho leha e le efe e tsoa ho rōna,+ empa ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela