22 Letsatsing la ntoa ha hoa ka ha fumanoa sabole+ kapa lerumo matsohong a batho leha e le bafe ba neng ba e-na le Saule le Jonathane; empa ha fumanoa ea Saule+ le ea mora oa hae Jonathane.
49 Bara ba Saule ea e-ba Jonathane+ le Ishvi le Malki-shua,+ ’me, ha e le mabitso a barali ba hae ba babeli, lebitso la ea tsoetsoeng pele e ne e le Merabe+ ’me lebitso la e monyenyane e le Mikale.+
4 Davida a tsoela pele ho re ho eena: “Taba eo e tsamaile joang? Ka kōpo, mpolelle.” Eaba o re: “Batho ba balehile ntoeng ’me batho ba bangata ba oele hoo ba shoeleng,+ esita le Saule+ le mora oa hae Jonathane+ ba shoele.”
7 Leha ho le joalo, morena a qenehela Mefiboshethe+ mora oa Jonathane mora oa Saule ka lebaka la kano+ ea Jehova e neng e le pakeng tsa bona, pakeng tsa Davida le Jonathane mora oa Saule.