23 Empa ke ile ka ba bolella lentsoe lena e le taelo, ka re: “Mamelang lentsoe la ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa lōna,+ ’me le tla ba sechaba sa ka; le tla tsamaea tseleng eohle+ eo ke tla le laela eona, e le hore lintho li ka le tsamaela hantle.”’+
20 Empa Jeremia a re: “Ba ke ke ba fana ka uena ka tsela eo. Ka kōpo, mamela lentsoe la Jehova ho seo ke u bolellang sona, ’me lintho li tla u tsamaela hantle,+ ’me moea oa hao o tla ’ne o phele.